Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 25:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ho nka selemong sa leshome le metso e meraro sa puso ya Josiase, mora Amone, morena wa Juda, ho fihlela tsatsing lena e se e le dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro lentswe la Jehova le neng le tle ho nna, mme ke nnile ka le bolella lona, ke bua ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, le mpa le sa ka la mamela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 “Ho qala ka selemo sa leshome le metso e meraro sa puso ya Josiya, mora wa Amona, kgosi ya Juda, ho fihlela kajeno, ke dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro lentswe la Morena le ntse le mphihlela. Ke buile ho lona ka makgetlokgetlo, empa ha le a ka la mamela letho.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 25:3
32 Referencias Cruzadas  

Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a qhaneha esele ya hae, a nka bahlanka ba babedi le yena, le Isaaka, mora hae; mme a ratha patsi ya setjheso; yaba o tloha, a leba nqalong eo Modimo o mmoletseng yona.


Morena wa Iseraele a re ho bahlanka ba hae: Ana ha le tsebe hobane Ramothe-Gileade ke wa rona; re kgutseditseng, re sa o amohe morena wa Siria?


Jehova a nna a omela Iseraele le Juda ka baporofeta ba hae bohle le ka diboni tsohle, a re: Bakang metsamaong ya lona e mebe, le boloke ditaelo tsa ka le ditemoso tsa ka, ka molao wohle oo ke o laetseng bontata lona, oo ke o rometseng ho lona ka bahlanka ba ka, baporofeta.


Jehova a romela ho bona, ho ba sokollela ho yena, baporofeta ba ba pakelang tsa Jehova, ba mpa ba se ke ba ba mamela.


Josiase o ne a le dilemo tse robileng meno e le mmedi ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse mashome a mararo a motso o mong Jerusalema.


Ka selemo sa boroba meno e le mmedi sa puso ya hae, a sa ntsane a le motjha, a qala ho batla Modimo wa Davida ntatae; mme ka lemo sa leshome le metso e mmedi, a qala ho hlwekisa Juda le Jerusalema ka ho tlosa dinqalo tse diphahameng, le diashera, le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse tsholotsweng.


Ka selemo sa leshome le metso e robileng meno e le mmedi sa ho busa ha hae, ha a se a hlwekisitse lefatshe le ntlo ya Jehova, a roma Shafane, mora Atsaila, le Maaseia, mmusi wa motse, le Jowa, mora Joakase mongodi, hore ba ye ho tsosa ntlo ya Jehova, Modimo wa hae.


Jehova, Modimo wa bontata bona, a nna a romela ho bona ka manqosa a hae, a nna a a roma e sa le hosasa, hobane a ne a utlwela setjhaba sa hae le bodulo ba hae bohloko.


Oho! hola setjhaba sa ka se rata ho nkutlwa, mme Iseraele a tsamaya ditseleng tsa ka!


Yaba Jehova o re ho Moshe: Tsohela ka meso, o ye ho ema pela Faro; o tla mmona ha a tswela metsing; o re ho yena: Ho thwe ke Jehova: Lokolla setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa.


Na le ntshetsa keng seo e seng dijo tjhelete, le ikgathaletsa keng se sa kgoriseng? Mmameleng hle, mme le tla ja se monate, meya ya lona e ithabise ka tse nonneng.


eo lentswe la Jehova le kileng la tla ho yena mehleng ya Josiase, mora Amone, morena wa Juda, ka selemo sa leshome le metso e meraro sa ho busa ha hae.


Hobane nkile ka omela bontata lona, mohla ke ba nyollang lefatsheng la Egepeta ho fihlela tsatsi lena, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, ka omela, ka re: Mamelang lentswe la ka.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya tlisetsa motse ona le metse yohle ya mona dikotsi kaofela tseo ke di boletseng bakeng sa yona; hobane ba sataladitse melala ya bona, hore ba tle ba se ke ba utlwa lentswe la ka.


Ke buile le wena ho iketleng ha hao, mme wa nna wa re: Nke ke ka mamela. Ke mokgwa wa hao esale le botjheng ba hao, wa ho re ha o na ho mamela lentswe la ka.


Jehova o nnile a roma ho lona bahlanka ba hae kaofela, baporofeta, a ba roma a ntse a tsoha esale hosasasasa, le mpa le sa ka la mamela, mme le sa ka la sekeha ditsebe tsa lona ho utlwa.


le ka ho utlwa mantswe a bahlanka ba ka, baporofeta, bao ke nnileng ka ba romela ho lona, bao ke nnileng ka ba roma ke tsoha e sa le hosasa, le mpa le sa ka la ba utlwa;


ke hobane ha ba ka ba mamela mantswe a ka, ho bolela Jehova, ha ke ne ke ntse ke ba romela bahlanka ba ka, baporofeta, ke ba roma ke tsoha e sa le hosasasasa, empa ha ba ka ba mamela ho bolela Jehova.


Ba nneile seholoholo, e seng sefahleho. Nkile ka nna ka ba ruta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa ho ba ruta, ba mpa ba sa ka ba mamela hore ba amohele kgalemelo.


Ho ntse ho bolokwa mantswe a Jonadabe, mora Rekabe, ao a kileng a laela bara ba hae ka wona hore ba se ke ba enwa veine, mme ha ba e nwe le kajeno, hobane ba ntse ba utlwa taelo ya ntata bona moholo. Mme nna nkile ka nna ka bua le lona, ke bua ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa; le mpa le sa ka le nkutlwa.


Nkile ka le romela bahlanka ba ka kaofela, baporofeta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, ke ba roma, ke re: Bakang hle e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, le sokolohe diketsong tsa lona, le se ke la tsamaela medimo esele ho e sebeletsa, mme le tla nne le ikahele lefatsheng leo nkileng ka le nea lona le bontata lona moholo; empa ha le a ka la sekeha tsebe, ha le a ka la nkutlwa.


Ka selemo sa bone sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, lentswe lena le tswang ho Jehova la tla ho Jeremia, la re:


O inkele maqephe a lengolo, o ngole ho wona mantswe kaofela ao nkileng ka o bolella wona bakeng sa Iseraele, le bakeng sa Juda, le bakeng sa ditjhaba kaofela, esale mohla ke buang le wena mehleng ya Josiase, ho fihlela tsatsi lena.


Nkile ka nna ka le romela bahlanka ba ka kaofela, e leng baporofeta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, ke ba roma ka ho re: Le se ke la etsa ntho eo e manyala, eo ke e hloileng.


Jwale, ka baka la hobane le entse tseo tsohle, ho bolela Jehova, mme nkile ka nna ka bua ho lona, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, empa ha le a ka la mmamela; mme nkile ka bitsa ho lona, empa ha le a ka la araba;


Esale mohla ke ntshang bontata lona moholo lefatsheng la Egepeta ho fihlela tsatsi lena, nkile ka nna ka le romela bahlanka ba ka kaofela ba baporofeta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa ka tsatsi le leng le le leng, mme ke ba roma.


ha e mong a utlwile modumo wa phala, a sa hlokomele, leha lerumo le ka tla, la ya le yena, madi a hae a tla ba hloohong ya hae:


Le se ke la ba jwaloka bontata lona, bao baporofeta ba pele ba neng ba howa, ba re ho bona: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Kgutlang hle metsamaong ya lona e mebe, le diketsong tsa lona tse mpe! ... empa ha ba ka ba mamela, ha ba ka ba hlokomela lentswe la ka, ho bolela Jehova.


Yare hosasa, a tsoha e sa le kameso, a tswa tlung, mme a ya feelleng, a rapela teng.


Kameso, a boela a ya tempeleng; yaba batho ba tla ho yena kaofela; mme a dula, a ba ruta.


Eo e leng wa Modimo o utlwa mantswe a Modimo; ke ka baka leo le sa utlweng, hobane le se ba Modimo.


O bolele lentswe, o phehelle nako ha e tshwaneleha, leha e sa tshwanelehe; o laye, o kgalemele, o kgothatse ka mamello yohle le ka ho ruta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos