Ekare ha o etsa hantle, na sefahleho sa hao se ke ke sa ela na? Mme ha o sa etse hantle, sebe se laletse monyako; mme ditakatso tsa sona di lebile ho wena, o mpe o se buse.
Jakobo 5:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Banabeso, le se ke la beana melato, hore le se ke la ahlolwa. Bonang, moahlodi o eme pela monyako. BIBELE Bana beso, e mong a se ke a lla ka e mong, hore le tle le se ke la ahlolwa. Moahlodi ke eo o se a le monyako. Baasraak Sotho NT Bana beso, le se ke la korotlela e mong, esere la ahlolwa; bonang, moahlodi o eme monyako. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bana beso, le se ke la korotlela e mong, esere la ahlolwa; bonang, moahlodi o eme monyako. |
Ekare ha o etsa hantle, na sefahleho sa hao se ke ke sa ela na? Mme ha o sa etse hantle, sebe se laletse monyako; mme ditakatso tsa sona di lebile ho wena, o mpe o se buse.
Nako e tlile, letsatsi le atametse. Moreki a se ke a thaba, morekisi le yena a se ke a lla, hobane kgalefo e ya tlela letshwele lohle la bona.
O se ke wa iphetetsa, mme o se ke wa bolokela bana ba setjhaba sa heno lonya. Rata wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Jehova.
Ka mokgwa o jwalo, le lona, etlare ha le bona tseo di hlaha, le tsebe hoba Mora motho o haufi, o monyako.
Efela taba tseo tsohle di ne di ba hlahele hore e be ditemoso, mme di ngodilwe hore re ithute ka tsona, rona ba hlahetsweng ke mehla ya bofelo.
Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.
E mong le e mong a ntshe kamoo a seng a lekantse pele kateng, pelong ya hae; e seng ka ho swaba, leha e le ka ho kgannwa; hobane Modimo o rata ya fanang a thabile.
Hobane molao wohle o phethahetse tabeng e le nngwe, e reng: Rata wa heno jwalokaha o ithata.
Le se ke la sebana, banabeso. Ya sebang ngwanabo, kapa ya ahlolang ngwanabo, o seba molao, o ahlola molao; mme ha o ahlola molao, ha o moetsi wa molao, empa o le moahlodi wa wona.
Mmei wa molao o mong, ke yena ya nang le matla a ho boloka le a ho timetsa; wena o mang ha o ahlola ba bang?
Banabeso, nkang mohlala wa mahlomola le wa sebete ho baporofeta ba buileng ka lebitso la Morena.
Empa haele lona, banabeso, le lebelle ka sebete, Morena a be a fihle. Bonang, molemi ha a ntse a lebeletse dijo tsa bohlokwa tsa lefatshe, o di lebella ka sebete, a be a fuwe pula ya tsheola le ya hwetla.
Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota; ekare ha e mong a utlwa lentswe la ka, mme a bula monyako, ke tla kena ha hae, mme ke tla lalla le yena, le yena le nna.