Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 4:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ekare ha o etsa hantle, na sefahleho sa hao se ke ke sa ela na? Mme ha o sa etse hantle, sebe se laletse monyako; mme ditakatso tsa sona di lebile ho wena, o mpe o se buse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Haeba o etsa hantle, na sefahleho sa hao ha se na ho bontsha kgotso? Empa ha o sa etse hantle, sebe se laletse monyakong wa hao, se a o lakatsa; feela wena eka kgona o se hlole.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 4:7
33 Referencias Cruzadas  

A re ho yena: Bona, ke tla o hauhela le tabeng ena, mme ha nka ke ka fatakanya motse ona oo o buang ka wona.


A re ho mosadi: Ke tla o atisetsa bohloko ba hao haholoholo kemarong ya hao: o tla beleha bana ka bohloko; ditakatso tsa hao di tla ba ho monna wa hao, mme o tla buswa ke yena.


Morena, Arauna o nea morena tseo tsohle. Arauna a eketsa a re ho morena: Jehova, Modimo wa hao, a ke a o hauhele!


Mohlomong, ba ya Ramothe-Gileade le Jorame, mora Akabe, ho lwantsha Hasaele, morena wa Siria; empa Basiria ba hlaba Jorame.


ha o ka suthisa bobe pela hao, wa bo hlohlorela hole, o sa lese bokgopo bo ikgahela tenteng ya hao,


etlaba moo o tsebang ho emisa hlooho ya hao o se na sekodi; o tla tiya o sa tshabe letho.


Hola nka boela ka ba jwaloka matsatsing a nala ya ka, ha Modimo o ne o dula tenteng ya ka jwaloka motswalle;


Ka baka leo, ntshang jwale dipoho tse supileng, le dipheleu tse supileng, le ikele ho mohlanka wa ka, Jobo, le hlahise setjheso bakeng sa lona, mme Jobo, mohlanka wa ka, a ke a le rapelle; ke ka baka la hae a nnotshi nke keng ka le otla ka baka la bowatla ba lona; hobane ha le a ka la bolela tsa ka ka ho loka, jwaloka mohlanka wa ka, Jobo.


Ha ho hotle ho emela tshobotsi ya moetsadibe, leha e le ho tswa ya lokileng nyeweng ya hae.


Sehlabelo sa ba babe se manyala; haholo hakakang ha ba se hlahisa ka morero o sa lokang!


Eya, o bolele mantswe ana ka nqa leboya, o re: Kgutla, Iseraele mokwenehi, ho bolela Jehova, nke ke ka o sosobanyetsa sefahleho, hobane nna ke mohau, ho bolela Jehova, nke ke ka nna ka losa disuwa kamehla.


Dibano tse tswang Sheba e ka ba eng ho nna, le monko o monate la naha e hole nka le reng? Ditjheso tsa lona ha di nkgahlise, mahlabelo a lona ha a nnatefele.


Modimo ke ofe o jwaloka wena, o tlosang bokgopo, o tshwarelang dibe tsa masala a lefa la hao? O ke ke wa boloka bohale ba wona ka ho sa yeng kae, hobane haele wona, o kgahlwa ke ho hauhela.


Ke mang hara lona ya tla kwala menyako, hore le se hlole le hotetsa mollo wa aletare ya ka ka lefeela? Ha ke kgahlwe ke lona, ho bolela Jehova wa makgotla, nke ke ka amohela sehlabelo se hlahiswang ke matsoho a lona.


Mme le re: A ntho e kgathatsang! le bile le tshwela hodima yona, ho bolela Jehova wa makgotla; le tlisa se utswitsweng, le se hlotsang, le se kulang, le etsa sehlabelo ka tsona! Na ke tla se amohela matsohong a lona? ho botsa Jehova.


Ha le hlahisa ntho e sefofu ho etsa sehlabelo, ha ho molato na? Kapa ha le hlahisa e hlotsang, kapa e kulang, ha ho molato na? E ise he ho mmusi wa hao: na o tla o thabela, kapa a kgahlwe ke wena na? ho botsa Jehova wa makgotla.


Empa ha le sa etse jwalo, etlaba le sitetswe Jehova; mme le tsebe hoba sebe sa lona se tla le tshwara.


Empa hara ditjhaba tsohle, ya o tshabang, le ya etsang ho lokileng, ke yena ya o kgahlisang.


Ka baka leo, banabeso, ke a le rapela hle ka mehauhelo ya Modimo, hore le ke le o beele mmele ya lona, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se kgahlisang Modimo; ke yona tshebeletso e le tshwanetseng.


Hobane ya sebeletsang Kreste nthong tseo, o kgahlisa Modimo, mme o emelwa ke batho.


ke tle ke be monemotse wa Jesu Kreste hara baditjhaba, ka ho phetha tsa boprista ba Evangeli ya Modimo, hore kabelo ya baditjhaba e tle e be e natefelang Modimo, e ntse e halaletswe ke Moya o Halalelang.


Mme jwale, sebe se se ke sa busa mmeleng ya lona e shwang, hore le se utlwe ditakatsong tsa sona.


Ana ha le tsebe hoba, ha le ipea bahlanka ba e mong ho mo utlwa, le bahlanka ba eo le mo utlwang, leha e le ba sebe se isang lefung, leha e le ba kutlo e isang ho lokeng?


e tle e be thoriso ya kganya ya mohau wa wona oo o re hauhetseng ka wona ho Maratuwa wa wona.


Empa ekare ha mohlolohadi e mong a ena le bana, kapa ditloholo, bao ba ithute pele ho baballa ba ntlo ya bona, le ho etsa ba ba tswetseng kamoo bona ba ba entseng kateng; hobane hona ke ho kgahlehang pela Modimo.


Ka tumelo, Abele o hlahisitse pela Modimo sehlabelo se fetisang sa Kaine; mme ka baka la yona o pakilwe hore o lokile, hobane Modimo o pakile dineo tsa hae; mme leha a shwele, le jwale o sa bua ka yona tumelo eo.


Mme takatso hoba e emare, e tswala sebe; mme sebe ha se phethehile, se tswala lefu.


le lona, le ke le hahuwe le le majwe a phelang, ho etsa ntlo ya Moya, le boprista bo halalelang, ho hlahisa mahlabelo a moya, a natefelang Modimo ka Jesu Kreste.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos