Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 5:9 - BIBELE

9 Bana beso, e mong a se ke a lla ka e mong, hore le tle le se ke la ahlolwa. Moahlodi ke eo o se a le monyako.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Banabeso, le se ke la beana melato, hore le se ke la ahlolwa. Bonang, moahlodi o eme pela monyako.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Bana beso, le se ke la korotlela e mong, esere la ahlolwa; bonang, moahlodi o eme monyako.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Bana beso, le se ke la korotlela e mong, esere la ahlolwa; bonang, moahlodi o eme monyako.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 5:9
21 Referencias Cruzadas  

Haeba o etsa hantle, na sefahleho sa hao ha se na ho bontsha kgotso? Empa ha o sa etse hantle, sebe se laletse monyakong wa hao, se a o lakatsa; feela wena eka kgona o se hlole.”


Kamehla ba kgutla ka phirimana, ba rore sa dintja, ba solle hara motse,


Nako e fihlile, letsatsi le atametse; moreki a se ke a thaba, kapa morekisi a lla, hobane setjhaba sohle se fihletswe ke kgalefo.


“ ‘O se ke wa iphetetsa, kapa wa ntshetsa disuwa baneng ba setjhaba sa heno, empa o rate wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Morena.


Ka mokgwa o jwalo, le lona ha le bona dintho tsena tsohle, tsebang hore o haufi, o monyako.


Ka mokgwa o jwalo, le lona ha le bona dintho tsena di etsahala, tsebang hore o haufi, o monyako.


Herodiase o ne a qophile Johanne, mme a rata ho mmolaya, a mpa a sitwa.


Jwale tsena di ile tsa etsahala ho bona, hore e be mohlala, mme tsa ngollwa rona ho re hlokomedisa, rona bao mehla ya bofelo e re fihletseng.


Ka baka leo, le se ke la ahlola e eso be nako, Morena a eso kgutle, e leng yena ya tla senola tse lefifing, a pepese merero ya dipelo tsa batho. Ke moo e mong le e mong a tla fumana thoriso e mo lokelang ho Modimo.


Motho ka mong a ke a fane ho ya kamoo a rerileng kateng ka pelong ya hae, e seng ka ho kganana kapa ka ho qobellwa. Modimo o rata ya fanang a thabile.


etswe Molao wohle o akaretswa ka taelo e le nngwe: Rata wa heno jwalokaha o ithata.


Re se ke ra ipatlela thoriso ya lefeela; re se ke ra phephetsana, kapa ra honohelana.


Bana beso, le se ke la buana hampe. Ya buang ngwanabo hampe, kapa ya mo ahlolang, o bua molao hampe, mme o a o ahlola. Haeba o ahlola molao, ha o sa le ya phethang molao, empa o se o le ya ahlolang.


O mong feela moetsi wa molao le moahlodi: Ke ya nang le matla a ho pholosa le ho timetsa. Ebe wena o mang o ka ahlolang wa heno?


Bana beso, inkeleng mohlala wa ho tiisetsa mathata le ho mamella ho baporofeta, ba neng ba bua lebitsong la Morena.


Bana beso, mamellang ho fihlela Morena a kgutla. Bonang kamoo molemi a emelang ho fumana kotulo e ntle tshimong ya hae kateng. O lebella ka mamello ho fihlela ho ena pula ya selemo le ya hwetla.


Ba tla ikarabella ho ya seng a loketse ho ahlola ba phelang le ba shweleng.


E mong le e mong a amohele baeti a sa kganane.


Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota. Haeba motho a ka utlwa lentswe la ka, mme a mpulela, ke tla kena ha hae, ke je le yena, le yena a je le nna.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos