La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Jakobo 2:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Hobane leha e mong a ka boloka melao yohle, a mpa a tlola o le mong feela, eba o se a ikentse ya molato ho yona yohle.

Ver Capítulo

BIBELE

Ha motho a boloka molao wohle, haese feela ntlha e le nngwe eo a e tlolang, o molato wa ho tlola molao kaofela,

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Hobane mang kapa mang ya bolokang Molao wohle, empa a wela molaong o le mong, o molato ho wona wohle.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Hobane mang kapa mang ya bolokang Molao wohle, empa a wela molaong o le mong, o molato ho wona wohle.

Ver Capítulo



Jakobo 2:10
8 Referencias Cruzadas  

Mme ba bile ba tla, ba le rua, ba mpa ba sa ka ba utlwa lentswe la hao, mme ha ba ka ba tsamaya melaong ya hao; tsohle tseo o nnileng wa ba laela tsona hore ba di etse, ha ba ka ba di etsa; eba ke moo o ba hlahiseditseng bobe bona kaofela.


Hobane bohle bao e leng ba mesebetsi ya molao, ba thohakong, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya sa tiisetseng nthong tsohle tse ngodilweng bukeng ya molao, ho di etsa.


Mme ke boela ke omela ho motho e mong le e mong ya ka bollang, hore o tshwanetse ho etsa ka molao kaofela ha wona.


Ho rohakwe ya sa tiisetseng dipolelong tsa molao ona ho di etsa! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!


Hobane bohle re kgoptjwa nthong tse ngata. Ekare ha e mong a sa kgoptjwe dipuong, eo ke monna ya phethehileng, ya ka tsebang ho busa le mmele kaofela.


Ha ho le jwalo, banabeso, le mpe le tiye matla ke hona ho tiisa ho bitswa le ho kgethwa ha lona; hobane ha le ka etsa jwalo ke moo le ke keng la kgoptjwa le ka mohla o le mong.


Jwale, ho ya ka tsebang ho le boloka, hore le se ke la wa, le ho le hlahisa pontsheng ya hae e kganyang, le se na letheba, le nyakaletse,