Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 2:10 - BIBELE

10 Ha motho a boloka molao wohle, haese feela ntlha e le nngwe eo a e tlolang, o molato wa ho tlola molao kaofela,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Hobane leha e mong a ka boloka melao yohle, a mpa a tlola o le mong feela, eba o se a ikentse ya molato ho yona yohle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Hobane mang kapa mang ya bolokang Molao wohle, empa a wela molaong o le mong, o molato ho wona wohle.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Hobane mang kapa mang ya bolokang Molao wohle, empa a wela molaong o le mong, o molato ho wona wohle.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 2:10
8 Referencias Cruzadas  

Ba ile ba fihla naheng ena, ba e hapa, empa ha ba a ka ba hlompha lentswe la hao, leha e le ho tsamaya ho ya ka molao wa hao. Ha ba a ka ba etsa letho la tsohle tseo o neng o ba laetse hore ba di etse; ka baka lena, o entse hore bobe bona bohle bo ba wele hodimo.


Empa bohle ba itshepisitseng ka ho phetha Molao ba rohakehile, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Mang le mang ya sa tiisetseng ho etsa tsohle tse ngotsweng bukeng ya Molao o rohakehile.”


Ke paka hape hore mang le mang ya bollang o tlamehile ho phetha Molao wa Moshe kaofela.


“ ‘Ho rohakehe ya sa phethahatseng dipallo tsa molao ona ka ho di etsa!’ “Setjhaba sohle se re: ‘A ho be jwalo!’ ”


Bohle re wela diphosong hangata. Haeba e mong a sa fose ka dipuo tsa hae, eo ke motho ya phethehileng, ya tsebang ho itshwara bothong bohle ba hae.


Ka baka leo, bana beso, itekeng ka matla hore pitso le kgetho ya lona e tiye. Ka ho etsa jwalo, ha le ka ke la hlola le wela phosong.


Ho ya nang le matla a ho le boloka hore le se ke la kgoptjwa, le a ho le hlahisa kapela tlotla ya hae le se na sekodi, le nyakaletse,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos