Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 2:11 - BIBELE

11 hobane ya itseng: “O se ke wa feba,” o bile o itse: “O se ke wa bolaya.” Leha o sa febe, feela o bolaya, o tlotse molao.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Hobane ya itseng: O se ke wa feba, le hona o itse: O se ke wa bolaya. Jwale, leha o sa febe, o mpa o bolaya, o se o le motlodi wa molao.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Hobane ya itseng: O se ke wa feba, le yena o itse: O se ke wa bolaya. Jwale, ha o sa febe, leha o bolaya, o fetohile motlodi wa molao.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Hobane ya itseng: O se ke wa feba, le yena o itse: O se ke wa bolaya. Jwale, ha o sa febe, leha o bolaya, o fetohile motlodi wa molao.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 2:11
11 Referencias Cruzadas  

“ ‘Haeba setjhaba sohle sa Iseraele se etsa sebe, feela e se ka morero, mme se sa tsebe hore se entse sebe, se tla ba molato ka ho tlola o mong wa melao ya Morena.


“Bua le bana ba Iseraele, o re: ‘Ha motho a etsa sebe, ka ho tlola o mong wa melao ya Morena, feela e se ka morero, ho etswe tjena:


“ ‘Ha kgosana e etsa sebe, ka ho tlola o mong wa melao ya Morena Modimo wa hae, e se ka morero, e molato.


A mmotsa, a re: “Melao efe?” Jesu a re: “O se ke wa bolaya; o se ke wa feba; o se ke wa utswa; o se ke wa etseletsa motho e mong;


O tseba melao e reng: ‘O se ke wa bolaya, o se ke wa feba, o se ke wa utswa, o se ke wa etseletsa motho e mong, o se ke wa qhekanyetsa, hlompha ntatao le mmao.’ ”


O tseba ditaelo tse reng: ‘O se ke wa feba; o se ke wa bolaya; o se ke wa utswa; o se ke wa etseletsa motho e mong; hlompha ntatao le mmao.’ ”


Efela ditaelo tse reng: “O se ke wa feba, o se ke wa bolaya, o se ke wa utswa, o se ke wa lakatsa,” leha e le taelo e nngwe e ka bang teng, tsohle di akareditswe ka taelo ena e reng: “Rata wa heno jwalokaha o ithata.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos