Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 2:12 - BIBELE

12 Dipuo le diketso tsa lona e be tsa batho ba tla ahlolwa ka molao wa tokoloho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Buang, mme le etse ka mokgwa o tshwanelang ba tlang ho ahlolwa ke molao wa tokoloho.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Le bue jwalo, le etse jwaloka ba tlang ho ahlolwa ka molao wa tokoloho.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Le bue jwalo, le etse jwaloka ba tlang ho ahlolwa ka molao wa tokoloho.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 2:12
8 Referencias Cruzadas  

“Moya wa Morena o hodima ka hobane a ntlotseditse ho bolella mafutsana molaetsa o molemo, o nthometse ho phatlalletsa bathopuwa tsa tokoloho, le difofu hore di tla tutuboloha, le ho lokolla ba hateletsweng,


le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla.”


Jarelanang mefokolo, mme ka hona le tla phetha molao wa Kreste.


Qetellong, bana beso, tsohle tseo e leng nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse babatsehang, leha e le eng le eng e kgabane le e rorisehang, tsena le di nahane.


Eng kapa eng eo le e etsang kapa le e bolelang, le e etse lebitsong la Morena Jesu, mme ka yena le lebohe Modimo Ntata lona.


Ya shebisisang molao o phethehileng wa tokoloho, ya pheellang ho wona, a sa fetohe moutlwi ya lebalang, empa e le mophethi wa mosebetsi, motho eo o tla fumana lehlohonolo ho seo a se etsang.


Ha le fela le phetha molao wa sehlooho, o ngotsweng Mangolong, o reng: “Rata wa heno jwalokaha o ithata,” le etsa hantle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos