La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Jakobo 1:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Motho ha a lekwa, a se ke a re: Ke lekwa ke Modimo. Hobane Modimo ha o lekwe ke bobe, mme ha o leke motho ka jona.

Ver Capítulo

BIBELE

Ho se be motho, eo ekareng ha a le molekong, a re: “Ke lekwa ke Modimo.” Modimo ha a lekwe ke bobe, mme le yena ha a leke motho le ya mong.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Ho se be motho ha a lekwa, a reng: Ke lekwa ke Modimo;

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Ho se be motho ha a lekwa, a reng: Ke lekwa ke Modimo;

Ver Capítulo



Jakobo 1:13
9 Referencias Cruzadas  

Kamora taba tseo, Modimo wa leka Abrahama. Wa re ho yena: Abrahama! A re: Ke nna enwa.


Adama a re: Mosadi eo o nneileng yena hore a dule le nna, ke yena ya mphileng tsa sefate, ka di ja.


Oho Jehova, o re kgelosetsang ditsela tsa hao, o thatafaletsang dipelo tsa rona, re ke re lese ho o tshaba? Rekoloha ka baka la bahlanka ba hao, e leng meloko ya lefa la hao!


Jesu a re ho yena: Ho ngodilwe hape, ho thwe: O se ke wa leka Morena, Modimo wa hao.


Ho lehlohonolo motho ya mamellang moleko; hobane etlare hobane a hlole moleko, o tla newa moqhaka wa bophelo, oo Morena a o baletseng ba mo ratang.


Empa motho e mong le e mong o ye a lekwe ke ho hohelwa le ke ho tjhatjhehiswa ke takatso eo e leng ya hae.


Banabeso, le ke le lekanye hobane ke thabo feela ha le hlahelwa ke meleko e mengata;