Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 1:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Empa motho e mong le e mong o ye a lekwe ke ho hohelwa le ke ho tjhatjhehiswa ke takatso eo e leng ya hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Empa e mong le e mong o lekwa ha a hulwa, mme a hohelwa ke ditakatso tsa hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Empa e mong le e mong o a lekwa, ha a hulwa, mme a etswa ke takatso eo e leng ya hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Empa e mong le e mong o a lekwa, ha a hulwa, mme a etswa ke takatso eo e leng ya hae.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 1:14
24 Referencias Cruzadas  

Mosadi eitse ha a bona hobane sefate se monate ho jewa, mme se kgahlisa mahlo, mme se lakatseha ke ho hlalefisa, a nka ditholwana tsa sona, a di ja, mme a nea monna wa hae ya neng a na le yena, mme le yena a ja.


Jehova a bona bolotsana ba batho hoba bo boholo lefatsheng, le hoba mmopo wa mehopolo yohle ya dipelo tsa bona o mobe feela ka matsatsi wohle.


Jehova a fofonela monko o monate, mme Jehova a re ka pelong ya hae: Nke ke ka boela ka rohaka lefatshe ka baka la batho, etswe mehopolo ya motho e le mebe le botjheng ba hae, mme nke ke ka boela ka otla dintho tsohle tse utlwang, jwalokaha ke tswa etsa.


Yaba Davida o romela manqosa ho mo lata; mosadi ha a fihla ho yena, Davida a robala le yena; hobane a itlhatswe ditshila tsa hae, a ipoella ha hae.


pelo ya ka ya ba ya thetswa ka sephiring, ka isa letsoho melomong ho le aka;


Ha ekaba pelo ya ka e kile ya thetswa ke mosadi, kapa ha nkile ka lalla monyako wa eo ke ahisaneng le yena,


Boloka pelo ya hao ka ho fetisisa, hobane ke yona mehlodi ya bophelo.


O iphepa ka melora, pelo e thetsehileng ya hae e mo kgelositse; a ke ke a boloka moya wa hae, ha a tsebe ho re: Seo ke se nkileng letsohong na hase leshano?


Ho o timetsang, Iseraele, ke ha o ipeile sera ho nna, ke le ya o thusang.


Empa tse tswang hanong di tswa pelong; ke tsona tse silafatsang motho.


ke tsona dintho tse silafatsang motho; empa haele ho ja ka matsoho a sa hatlelwang, ha ho silafatse motho.


Yaba Jesu o iswa ke Moya feelleng, ho lekwa ke Diabolose.


Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya tadimang mosadi ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ya hae.


Hobane sebe, ka ho nka sebaka taelong, sa nthetsa, mme sa mpolaya ka yona.


Hleka se leng molemo se mphetohetse lefu na? Ho se ke ha thualo! Empa sebe se mpolaile ka ntho e molemo, hore se tle se bonahale hoba ke sebe, le hore sebe se hlahise bobe ba sona ka ho fetisisa ka baka la taelo.


e leng hore le hlobole, kamoo metsamao ya lona ya pele e neng e le kateng, motho wa kgale, ya bodiswang ke ditakatso tse thetsang;


le mpe le kgothatsane ka matsatsi wohle, ha ho sa ntsane ho thwe: Kajeno! esebe e mong ho lona a ithatafatsa ka thetso ya sebe.


Motho ha a lekwa, a se ke a re: Ke lekwa ke Modimo. Hobane Modimo ha o lekwe ke bobe, mme ha o leke motho ka jona.


Mme takatso hoba e emare, e tswala sebe; mme sebe ha se phethehile, se tswala lefu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos