Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 1:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Banabeso, le ke le lekanye hobane ke thabo feela ha le hlahelwa ke meleko e mengata;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Bana beso, ikukeng le le ba lehlohonolo, ha le feta hara diteko tsa mefutafuta,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Bana beso, hokang e le thabo feela ha le wela melekong ya mefutafuta;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Bana beso, hokang e le thabo feela ha le wela melekong ya mefutafuta;

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 1:2
21 Referencias Cruzadas  

Baapostola ba tloha kgotla, ba thabile kahobane ba entswe ba tshwanelwang ke ho hlabiswa dihlong ka baka la lebitso la Jesu.


Hase hoo feela, empa re ithorisetsa le matshwenyehong, re tswe re tseba hobane tshwenyeho e hlahisa mamello,


Hobane ka baka la Kreste le neilwe lehlohonolo, e seng feela la ho dumela ho yena, e leng le la ho utlwiswa bohloko ka baka la hae.


Ekasita leha madi a ka a ka tshelwa sehlabelong le kananelong ya tumelo ya lona, teng nka thaba, ka thaba le lona bohle.


Le lona, le thabele hona hoo, le thabe le nna.


Jwale, ke thabela mahloko a ntlhahelang ka baka la lona, mme ke phethisisa nameng ya ka ho setseng ha mahlomola a Kreste, ka baka la mmele wa hae, e leng kereke.


Hobane le kile la hlomohela ba ditlamong, mme le dumetse ka thabo ha ntho tsa lona di tlatlapuwa, la itsebela hobane le na le moruo o fetisang, o sa tloheng.


Ho lehlohonolo motho ya mamellang moleko; hobane etlare hobane a hlole moleko, o tla newa moqhaka wa bophelo, oo Morena a o baletseng ba mo ratang.


Le se ke la thetseha, banabeso ba ratwang.


Tsebang tsena, banabeso ba ratwang: Motho ka mong a ke a be mafolofolo ho utlwa, a diehe ho bua, a diehe le ho halefa;


Bonang, re rorisa lehlohonolo la ba mameletseng; le utlwile mamello ya Jobo, mme le bone tsa qetello ya Morena; hobane Morena o tletse mohau le lereko.


ke moo ho bonahalang hobane Morena o tseba ho lwela barapedi molekong, le ho bolokela bakgopo hlokofatso ya letsatsi la kahlolo;


O se ke wa tshaba letho la tseo o tlang ho tshwenngwa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ya kenya ba bang ho lona teronkong, hore le lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho a matsatsi a leshome. O tiye ho isa lefung, mme ke tla o fa moqhaka wa bophelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos