Ba dumelana ba ntse ba rorisa, ba boka Jehova, ba re: Hobane o molemo, hobane mohau wa hae ho Iseraele ke o sa feleng. Setjhaba sohle sa etsa ditlatse tse kgolo tsa ho rorisa Jehova ka taba ya hobane ho thewa metheo ya ntlo ya Jehova.
Isaia 6:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Tsa howeletsana, tsa re: O a halalela, O a halalela, O a halalela, Jehova wa makgotla; lefatshe lohle le tletse kganya ya hae! BIBELE Di ne di howeletsana, di re: “O a halalela! O a halalela! O a halalela Morena wa mabotho, fatshe lohle le tletse tlotla ya hae!” |
Ba dumelana ba ntse ba rorisa, ba boka Jehova, ba re: Hobane o molemo, hobane mohau wa hae ho Iseraele ke o sa feleng. Setjhaba sohle sa etsa ditlatse tse kgolo tsa ho rorisa Jehova ka taba ya hobane ho thewa metheo ya ntlo ya Jehova.
Modimo, o iphahamise, o be o okamele mahodimo; kganya ya hao e bonahale lefatsheng lohle!
Ho bokwe lebitso la hae le kganyang ka ho sa feleng; lefatshe lohle le ke le tlale kganya ya hae! Amen! e, amen!
O theile kganya ya hao ka molomo wa bana le wa ba anyeswang ka baka la ba o lwantshang, ho kgutsisa sera sa hao le moiphetetsi.
Rorisang Jehova, Modimo wa rona, le kgumame thabeng ya hae e halalelang; hobane Jehova, Modimo wa rona, o a halalela!
Ke mang ya ka ka wena Jehova, hara medimo? Ke mang ya kganyang ka hlweko jwaloka wena? O tshabeha ka dithoko, o etsa mehlolo.
Ra utlwa dipina tse tswang dipheletsong tsa lefatshe, tse reng: Kganya ho ya lokileng! Empa nna ka re: Ke senyehile! ke senyehile! Ho madimabe nna! Mashodu a utswa, mashodu a ya le kgapo.
Mme kganya ya Jehova e tla bonahala, nama yohle e tla e bona hammoho, hobane molomo wa Jehova o boletse.
Hobane Mmopi wa hao ke monna wa hao, Jehova wa makgotla ke lebitso la hae; mme Molopolli wa hao ke Mohalaledi wa Iseraele; o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.
mme ka bona kganya ya Modimo wa Iseraele e etla e etswa botjhabela; lentswe la wona le ne le le jwaloka modumo wa metsi a mangata; lefatshe le ne le benya ka kganya ya wona.
Yaba o nkisa pela ntlo, ka monyako o ka nqa leboya; ha ke tadima, ka bona kganya ya Jehova e tletse ntlo ya Jehova, mme ka ikakgela fatshe ka sefahleho sa ka.
Hobane lefatshe le tla tlala tsebo ya kganya ya Jehova, jwaloka metsi ha a aparetse lewatle.
Jehova e tla ba morena wa lefatshe lohle. Ka tsatsi leo, Jehova o tla ba mong, lebitso la hae le be leng.
o edise mahlo a dipelo tsa lona, le tle le tsebe tshepo e leng teng pitsong ya wona le monono wa kganya ya lefa la wona hara bahalaledi;