Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 15:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ke mang ya ka ka wena Jehova, hara medimo? Ke mang ya kganyang ka hlweko jwaloka wena? O tshabeha ka dithoko, o etsa mehlolo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 “Morena, ke mang ya kang wena hara medimo? Ke mang ya kang wena, ya tlotlehang ka kgalalelo? Ya tshabehang ka botumo? Ya etsang mehlolo?

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 15:11
51 Referencias Cruzadas  

O moholo kannete, Jehova Modimo, etswe ho se ya kang wena, ho se le modimo haese wena, jwalokaha re ikutlwetse ka ditsebe tsa rona.


a re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, ha ho Modimo o kang wena, leha e le hodimo mahodimong, leha e le tlase lefatsheng, o tiisang selekane le mohau ho bahlanka ba hao ba tsamayang pela hao ka pelo tsohle tsa bona.


Hobane Jehova o moholo, mme o lokelwa ke ho roriswa ka ho fetisisa; o tshabeha ho fetisa medimo kaofela;


Ntlo eo ke tla e haha, e tla ba kgolo, etswe Modimo wa rona o moholo ho medimo yohle.


a re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, ha ho Modimo o kang wena, leha e le mahodimong, leha e le lefatsheng, o tiisang selekane le mohau ho bahlanka ba hao ba tsamayang pela hao ka pelo tsohle tsa bona!


Ke mang ya tshwanang le Jehova, Modimo wa rona? O ahile nqalong tse hodimodimo;


Mmele wa ka o tlakasela ke ho o tshaba; ke tshaba dikahlolo tsa hao.


Yena a nnotshi ya entseng mehlolo e meholo: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


Jehova o lokile ditseleng tsa hae tsohle, o mohau diketsong tsa hae tsohle.


Lona ba tshabang Jehova, le mo roke; lona kaofela moloko wa Jakobo, le mo rorise; le thothomele pela hae, lona kaofela moloko wa Iseraele!


Masapo a ka kaofela a tla re: Jehova, ke mang ya jwaloka wena; ya ka bolokang ya madimabe ho ba mo hlolang ka matla, ya madimabe le mofumanehi ho batlatlapi ba bona?


O sisintse naha, o e qheheditse: o hahe dikgeo tsa yona, hobane e a reketla.


Tloong, le bone mesebetsi ya Modimo; o tshabeha ho etseng ha wona bakeng sa bana ba batho!


Empa ke tla hopola diketso tsa Jehova, ke elellwe meeka ya hao ya boholoholo;


Ke wena Modimo o etsang meeka; o bonahaditse matla a hao hara ditjhaba.


Wa iketsetsa tsela lewatleng, mmila metsing a maholo, mehlala ya hao ha e a ka ya tsejwa.


Hobane o moholo, o etsa meeka, o Modimo o nnotshi.


Hara medimo ha ho o tshwanang le wena, Morena; ha ho letho le ka lekanang le mesebetsi ya hao!


Hobane thebe ya rona ke Jehova, morena wa rona ke Mohalaledi wa Iseraele.


Matla a bohale ba hao le botshabeho ba kgalefo ya hao ke mang ya di elang hloko?


Jwale, ke a tseba hobane Jehova o moholo ho medimo e meng kaofela, hobane o ba hlotse tabeng eo ba neng ba ikgantshitse ka yona.


O se ke wa ba le medimo e meng pela sefahleho sa ka.


Empa ke tla otlolla letsoho la ka, ke otle Egepeta ka mehlolo yohle ya ka, eo ke tla e etsa teng, mme kamorao o tla le tlohela, le tsamaye.


A re: Hosasane. Yaba o re: Ho tla ba jwalokaha o boletse o tle u tsebe hobane ha ho ya tshwanang le Jehova, Modimo wa rona.


Yaba Aarone o otlollela letsoho la hae metsing a Egepeta; dihohwana tsa hlaha, tsa aparela naha ya Egepeta.


Hobane ka lekgetlo lena ke tla romela dikotsi tsa ka tsohle pelong ya hao, le hodima bahlanka ba hao, le hodima setjhaba sa hao, hore o tle o tsebe hobane ha ho ya tshwanang le nna lefatsheng lohle.


Kgelohang tsela, eyang kathoko, lesang ho bea Mohalaledi wa Iseraele pela mahlo a rona!


Modimo le tla o tshwantsha ka mang? Setshwantsho ke sefe seo le ka se bapisang le wona?


Ha ho le jwalo, le tla ntekanya le mang, hore ke tshwane le yena, ho botsa Mohalaledi?


Hopolang diketso tsa pele tse etsahetseng kgale, hobane ke nna Modimo o matla, mme ha ho o mong; ke nna Modimo, mme ha ho ya jwaloka nna.


Hobane ho itswe ke Mookamedi ya hodimodimo, eo bodulo ba hae e leng bo sa feleng, ya bitswang Mohalaledi: Ke ahile nqalong e phahameng, e halalelang; hape, ke ahile le ya tepeletseng, le motho ya robehileng pelo, ke tle ke pholose meya ya batho ba robehileng dipelo, ke phedise meya ya ba tepeletseng.


Tsa howeletsana, tsa re: O a halalela, O a halalela, O a halalela, Jehova wa makgotla; lefatshe lohle le tletse kganya ya hae!


Eo e leng kabelo ya Jakobo, ha a jwaloka tseo, hobane ke ya bopileng dintho tsohle, mme Iseraele ke setjhaba sa lefa la hae; Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.


Bonang, jwaloka tau ha e nyoloha mahlakeng a Jordane, o ya nyolohela leahong le thata; mme hang ke tla balehisa Edomo ho lona; eo ke mo kgethang ke tla mo laeletsa yena. Hobane ke mang ya jwaloka nna? Ke mang ya ka mpiletsang kgotla? Ke mang modisa ya ka emang pela ka?


Bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, o re ho bona: Halalelang, hobane ke a halalela, nna Jehova, Modimo wa lona.


Modimo ke ofe o jwaloka wena, o tlosang bokgopo, o tshwarelang dibe tsa masala a lefa la hao? O ke ke wa boloka bohale ba wona ka ho sa yeng kae, hobane haele wona, o kgahlwa ke ho hauhela.


Empa ke tla le lekanyetsa eo le tshwanetseng ho mo tshaba; tshabang eo, ereng hobane a bolaye mmele, a nang le matla a ho dihela motho diheleng. E, ke re ho lona: Eo le mo tshabe.


Jehova, Modimo wa lona, ya le eteletseng pele, yena ka sebele o tla le lwanela, jwalokaha a se a entse pontsheng ya lona Egepeta,


Morena Jehova, o se o qadile ho bontsha mohlanka wa hao boholo ba hao le letsoho la hao le matla. Hobane modimo ke ofe mahodimong le lefatsheng, o ka etsang mesebetsi le diketso tse phahameng jwaloka tsena tsa hao?


Jeshurune, ha ho ya tshwanang le Modimo; ya o tiisang o kaletse mahodimo le maru bokgabaneng ba hae.


Kapa a o teng Modimo o mong o kileng wa leka ho tla inkela setjhaba ka hara setjhaba se seng, ka meleko, le ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka ntwa, le ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka matsoso a maholo, jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a le etseditse tsohle tse jwalo Egepeta, pela mahlo a lona na?


Ba rapela drakone kahobane e neile sebata matla a yona, ba rapela le sebata, ba re: Ke mang ya lekanang le sebata, mme ke mang ya ka tsebang ho lwana le sona?


Ya sa tlo o tshaba ke ha e le mang, Morena? Ya sa tlo tlotlisa lebitso la hao ke mang? Hobane ya halalelang ke wena o nnotshi. Mme ditjhaba tsohle di tla tla, di kgumame maotong a hao, kahobane dikahlolo tsa hao di beilwe pepeneneng.


Dipobuwa tse nne tseo tse phelang, se seng le se seng sa tsona se ne se medile dipheo tse tsheletseng, mme se ne se tletse mahlo ka nqa tsohle le kahare; mme di ne di sa phetse, motshehare le bosiu, ho re: O a halalela, o a halalela, o a halalela, Morena Modimo, Ya matla wohle, ya neng a le teng, ya ntseng a le teng, ya tla nne a be teng.


Ha ho ya kgethehileng jwaloka Jehova; ha ho Modimo o mong haese wena; ha ho lefika le kang Modimo wa rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos