La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Isaia 4:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Mehleng eo, lehlomela la Jehova le tla hlaha bokgabaneng le kganyeng, tholwana ya lefatshe e be kganya le kgabiso ho Baiseraele ba phonyohileng.

Ver Capítulo

BIBELE

Mehleng eo Lehlomela la Morena le tla atleha le tlokome. Setjhaba sohle sa Iseraele se ileng sa phonyoha se tla thabela dijalo tse behwang ke naha.

Ver Capítulo



Isaia 4:2
40 Referencias Cruzadas  

Lefatshe le medisitse dijo tsa lona. Modimo, Modimo wa rona, o tla re hlohonolofatsa!


Nala ya mabele e tla ba teng lefatsheng hodima dithaba, diqwapi tsa wona di hwase jwaloka merokodi e dumang Lebanone; batho ba tla atleha metseng jwaloka dimela tsa naha.


O etsetse Aarone, moholwane wa hao, diaparo tse kgethehileng, tsa kganya le tsa khabiso.


Empa o tla ahlola mafutsana ka ho loka, a bue taba tsa ba banyenyane ba lefatshe ka nnete; o tla otla lefatshe ka thupa ya molomo wa hae, a timetse molotsana ka moya wa melomo ya hae.


Ka letsatsi leo, ho tla binwa sefela sena naheng ya Juda: Re na le motse o matla, Modimo o re nea thuso, e be lerako le tshirelo ho rona.


Letsatsi le a tla leo Jakobo a tlang ho mela metso ka lona, Iseraele a hlahise dipalesa le lehlomela, mme ba tla tlatsa lefatshe ka ditholwana tsa bona.


Mohlang oo, o tla nesetsa dijalo tseo le tla di lema masimong, bohobe ba hlaku tse medisitsweng ke mobu e tla ba bo nonneng, bo kgorisang; mehleng eo, mehlape ya lona e tla fula makgulong a ahlamileng.


Mahodimo a ke a rothise phoka, mme maru a nese ho loka! Lefatshe le itsibole, le tswale poloko le ho loka, di mele hammoho. Ke nna Jehova ya etsang dintho tseo.


O medile pela hae jwaloka lehlomela, le jwaloka motso o tswang mobung o omeletseng. O ne a se na sebopeho, leha e le bokgabane; re mo tadimile, mme o ne a se na ponahalo eo re neng re ka kgahliswa ke yona.


Bakeng sa hoba o ne o tlohetswe, o hloilwe, mme ho ne ho se motho ya haolang ka wena, ke tla o etsa motse o kganyang ka ho sa yeng kae, ke o bee ya thabelwang mefuteng le mefuteng.


Setjhaba sa hao etlaba sa ba lokileng feela, ba tla rua lefatshe ka ho sa feleng; ke lehlomela leo ke le hlomileng, ke mosebetsi wa kganya ya ka.


Hobane jwalokaha lefatshe le medisa dimela tsa lona, le jwaloka tshimo ha e medisa tse jadilweng ho yona, ho jwalo Morena Jehova o tla medisa ho loka le dithoko pontsheng ya ditjhaba kaofela.


Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tlang ho hlahisetsa Davida lehlomela le lokileng, e be morena ya renang ka hlalefo, a bee kahlolo le ho loka lefatsheng.


Matsatsing ao le mohlang oo, ke tla hlahisetsa Davida lehlomela la ho loka, mme le tla etsa kahlolo le ho loka lefatsheng.


Ha ho ka ke ha eba ya phonyohang le ya salang ho ba sa setseng ba Juda, ba keneng lefatsheng la Egepeta ho tla aha teng, ba hopotseng ho boela lefatsheng la Juda, moo dipelo tsa bona di hlolohetsweng ho boela ba ikgahele teng; hobane ha ba sa tla kgutlela teng, haese ba bang ba phonyohang.


Ba phemang lerumo ba tla kgutla lefatsheng la Egepeta, ba boele lefatsheng la Juda, e le batho ba seng bakae; ba setseng ba Juda ba tlileng lefatsheng la Egepeta ho aha teng, ba tla tseba hore na lentswe le tla etsahala ke lefe, kapa ke la ka, kapa ke la bona na?


Ke tla ba medisetsa ditlama tse ntle, hore ba se ke ba hlola ba qetwa ke tlala naheng ya bona; ha ba sa tla jara sekgobo sa ditjhaba.


Haele lona, dithaba tsa Iseraele, le tla hlomela mahlomela a lona, le beele setjhaba sa ka sa Iseraele ditholwana tsa lona, hobane se se se le lekgatheng la ho fihla.


Etlare hobane ba phonyohileng ba bona ba phonyohe, bohle ba tla ba dithabeng, ba lle jwaloka maeba a dikgutlo, e mong le e mong hodima bokgopo ba hae.


mme ho tla bolokeha e mong le e mong ya rapelang lebitso la Jehova; hobane thabeng ya Sione le Jerusalema ba phonyohileng ba tla ba teng, jwalokaha Jehova a boletse; mme ho ba phetseng, ba bang ke ba tla bitswa ke Jehova.


Mohlang oo, dithaba di tla kolla veine e ntjha, marallana a phalle lebese, melapo yohle ya Juda e tla nne e be le metsi a mathang; mme sediba se tla tswa tlung ya Jehova, se nosetse lehwatata la Sittime.


Empa ba pholohileng ba tla ba teng thabeng ya Sione; e tla ba nqalo e kgethehileng, mme ba ntlo ya Jakobo ba tla rua tse neng di ruilwe ke ditjhaba tseo.


Utlwa he, Joshua, moprista e moholo, wena le banabeno ba dutseng pela hao; ruri banna bao ke dipontsho ho setjhaba, hobane ke ya tlisa mohlanka wa ka, Lehlomela!


mme o re ho yena: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bona, ho tla hlaha monna; lebitso la hae ke Lehlomela; o tla mela bodulong ba hae, a hahe ntlo ya Jehova.


Hobane botle ba bona e tla ba bokakang! Koro e tla hodisa bahlankana, veine e ntjha e hodise barwetsana.


Jehova wa makgotla o re: Bana e tla ba ba ruilweng ke nna tsatsing le tla etswa ke nna; ke tla ba qenehela jwalokaha motho a qenehela mora wa hae ya mo sebeletsang.


Le hojane matsatsi ao a se ke a kgutshofatswa palo, ho ne ho ke ke ha phonyoha motho; empa ka baka la bakgethwa, matsatsi ao a tla kgutshofatswa.


Fadimehang ke hona, mme le rapele kamehla, le tle le newe tokelo ya ho phonyoha ho tseo tsohle tse tla etsahala, le ya ho ema pela Mora motho.


Lentswe le ne le etswe nama, mme la aha hara rona le tletse mohau le nnete, mme re bohile kganya ya lona, e kang kganya ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate.


Hobane Modimo o kileng wa re: Lesedi le hlahe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, ho hlahisa lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo e bonahalang ho Jesu Kreste.


Hobane hase ka ho ya ka ditshomo tse entsweng ka mano re le tsebisitseng matla le ho tla ha Jesu Kreste, Morena wa rona; empa e le kahobane re iponetse boholo ba hae ka mahlo a rona.