Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 61:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Hobane jwalokaha lefatshe le medisa dimela tsa lona, le jwaloka tshimo ha e medisa tse jadilweng ho yona, ho jwalo Morena Jehova o tla medisa ho loka le dithoko pontsheng ya ditjhaba kaofela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Jwalokaha mobu o medisa dimela tsa wona, tshimo le yona e medisa dijalo tsa yona, Morena Modimo o tla medisa ho loka le ho rorisa, tsena a di medise moo matjhaba wohle a di bonang.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 61:11
24 Referencias Cruzadas  

Modimo wa re: Lefatshe le hlahise jwang, le dimela tse behang peo, le difate tse behang ditholwana ka mefuta ya tsona, tse nang le peo ya tsona lefatsheng. Mme ha eba jwalo.


Nala ya mabele e tla ba teng lefatsheng hodima dithaba, diqwapi tsa wona di hwase jwaloka merokodi e dumang Lebanone; batho ba tla atleha metseng jwaloka dimela tsa naha.


Dithaba di tla tlisetsa setjhaba kgotso, le wona maralla ka baka la ho loka ha hae.


nnete e mela lefatsheng, mme ho loka ho tadimile ho le mahodimong.


Moya wa leboya, tsoha; tloo le wena, moya wa borwa, o fokele serapeng sa me; dinonetso tsa sona di ntshe monko wa tsona! Moratuwa wa me a ke a kene serapeng sa hae, a latswe ditholwana tse monate tsa sona.


Mehleng eo, lehlomela la Jehova le tla hlaha bokgabaneng le kganyeng, tholwana ya lefatshe e be kganya le kgabiso ho Baiseraele ba phonyohileng.


Ke anne ka nna, taba e lokileng e tswile molomong wa ka, e ke ke ya kgutla, e re: Mangole wohle a tla nkgumamela, maleme wohle a ane ke nna.


Ho tla thwe: Ruri, ho loka le matla di tswa ho Jehova a nnotshi; bohle ba mo halefetseng ba tla tla ho yena, ba tle ba hlabiswe dihlong.


Mahodimo a ke a rothise phoka, mme maru a nese ho loka! Lefatshe le itsibole, le tswale poloko le ho loka, di mele hammoho. Ke nna Jehova ya etsang dintho tseo.


Ke atameditse ho loka ha ka: Ha ho hole; le poloko ya ka; e ke ke ya dieha. Ke tla bea poloko ya ka Sione, le kganya ya ka hodima Iseraele.


Oho! hoja o ka lemoha ditaelo tsa ka! kgotso ya hao e ka nna ya phalla jwaloka noka; ho loka ha hao ho ka tlala jwaloka maqhubu a lewatle.


Jehova o tla o tsamaisa kamehla; o tla kgodisa moya wa hao mohla manyora, a nontshe masapo a hao; o tla ba jwaloka serapa se nosetswang, le jwaloka sediba seo metsi a sona a sa psheng.


Ha ho sa tla utlwahala bothata naheng ya hao, leha e le tshenyo le tshenyeho meeding ya hao; empa o tla rea marako a hao lebitso la Poloko, o ree menyako ya hao lebitso la Kganya.


Setjhaba sa hao etlaba sa ba lokileng feela, ba tla rua lefatshe ka ho sa feleng; ke lehlomela leo ke le hlomileng, ke mosebetsi wa kganya ya ka.


Ka baka la Sione nke ke ka kgutsa, le ka baka la Jerusalema nke ke ka ipha sebaka, ha ho eso ho hlahe ho loka ha hae jwalokaha ho hlaha mafube a meso, le poloko ya hae e hlahe jwaloka serumula se tukang.


Ke moo ditjhaba di tla bona ho loka ha hao, le marena kaofela a bone kganya ya hao, mme o tla bitswa ka lebitso le letjha le tlang ho bolelwa ke molomo wa Jehova.


Le se ke la mo fa sebaka, a be a tsose Jerusalema, a mo etse motse o roriswang lefatsheng!


Empa ya amohetseng peo mobung o motle, ke motho ya utlwang lentswe, ya le utlwisisang, mme o a beha; hlaku e nngwe e hlahisa tse lekgolo, e nngwe e hlahisa tse mashome a tsheletseng, e nngwe e hlahisa tse mashome a mararo.


Yaba o ba bolella ditaba tse ngata ka ditshwantsho, a re: Bonang, mojadi o ne a tswile ho ya jala.


Empa tse ding tsa wela mobung o motle, mme tsa beha dijo; hlaku e nngwe ya beha tse lekgolo, e nngwe ya beha tse mashome a tsheletseng, e nngwe ya beha tse mashome a mararo.


Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos