Sakaria 6:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)12 mme o re ho yena: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bona, ho tla hlaha monna; lebitso la hae ke Lehlomela; o tla mela bodulong ba hae, a hahe ntlo ya Jehova. Ver CapítuloBIBELE12 O be o bolelle Joshua hore Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Monna ya bitswang Lekala ke enwa; o tla hlomela moo a leng hona teng, a hahe Tempele ya Morena. Ver Capítulo |
Selemong sa bobedi sa ho fihla ha bona tlung ya Modimo o Jerusalema, ka kgwedi ya bobedi, Sorobabele, mora Salathiele, le Joshua, mora Jotsadake, le banababo bona ba bang bao e leng baprista le Balevi, le bohle ba neng ba kgutletse Jerusalema ba etswa kgolehong, ba qala ho sebetsa. Ha bewa Balevi ba dilemo tse mashome a mabedi le ba kapele hore ba tsamaise mosebetsi wa ntlo ya Jehova.