Sakaria 6:12 - BIBELE12 O be o bolelle Joshua hore Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Monna ya bitswang Lekala ke enwa; o tla hlomela moo a leng hona teng, a hahe Tempele ya Morena. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)12 mme o re ho yena: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bona, ho tla hlaha monna; lebitso la hae ke Lehlomela; o tla mela bodulong ba hae, a hahe ntlo ya Jehova. Ver Capítulo |
Ka kgwedi ya bobedi ya selemo sa bobedi ba fihlile Tempeleng ya Modimo Jerusalema, Serubabele, mora wa Shealetiele, le Jeshua, mora wa Josadake, le bana babo bona ba bang, e leng baprista le Balevi, le bohle ba fihlileng Jerusalema, bao e neng e le bathopuwa, ba qala mosebetsi. Ba kgetha Balevi, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, hore ba okamele mosebetsi wa ho haha Tempele ya Morena.