Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 6:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 o nke silefera le kgauta ho bona, o etse meqhaka ka tsona: o e bee hodima hlooho ya Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Ka silefera eo le ka kgauta eo o etse mofapahlooho, o o rwese Joshua, Moprista e Moholo, mora wa Josadake.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 6:11
18 Referencias Cruzadas  

A rola morena wa teng moqhaka wa hae, oo boima ba wona e leng talenta e le nngwe ya kgauta, o bile o kgabisitswe ka mahakwe a bohlokwa; wa rweswa Davida. Hape, a ya le kgapo e kgolo haholo ya motse.


Ha fumanwa bara ba bang ba baprista ba nyetseng basadi basele. Ho bara ba Joshua, mora Jotsadake, le ho banababo, ke Maaseia, Eliesere, Jaribe, le Gedalia.


Teng, Joshua, mora Jotsadake, le banababo e leng baprista, le Sorobabele, mora Salathiele, le banababo, ba ema, ba haha aletare ya Modimo wa Iseraele, ho hlabela mahlabelo a ditjheso ho yona, ka ho ya ka se ngodilweng molaong wa Moshe, monna wa Modimo.


O mo rakile ka mahlohonolo a molemo, o mo rwesitse moqhaka wa kgauta e tshekehileng hloohong.


o ntoo mo rwesa moqhwele hloohong, mme moqhweleng o bee lebenyane le kgethehileng.


Hape, ha etswa lebenyane la kgauta e hlwekileng la moqhwele o kgethehileng; ha ngolwa ho lona lengolo la tiiso le reng: Kgalalelo ho Jehova;


Tswang, lona baradi ba Sione, le bone, mme le bohe morena Salomone ka moqhaka oo mmae a neng a mo rwese wona mohla lenyalo la hae, ka letsatsi la thabo ya pelo ya hae.


A mo rwesa moqhwele hloohong, mme moqhweleng, kapele ho wona, a hloma diadema ya kgauta, e leng lebenyane le kgethehileng, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


Ka selemo sa bobedi sa ho busa ha morena Dariuse, ka kgwedi ya botshelela, ka tsatsi la pele la kgwedi, lentswe la Jehova la tla ka moporofeta Haggai ho Sorobabele, mmusisi wa Juda, mora Salathiele, le ho Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, la re:


Yaba Jehova o tshosa moya wa Sorobabele, mmusisi wa Juda, mora Salathiele, le moya wa Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, le moya wa masala wohle a setjhaba, mme ba ya, ba qala ho sebetsa ntlo ya Jehova wa makgotla, Modimo wa bona,


Jwale, kgothala, Sorobabele! ho bolela Jehova; Kgothala, le wena Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake! Kgothalang, le lona setjhaba sohle sa naha ena, ho bolela Jehova, le be le sebetse; hobane ke na le lona, ho bolela Jehova wa makgotla;


Yaba Jehova o mpontsha Joshua, moprista e moholo, a eme pela lengeloi la Jehova, mme Satane a eme ka letsohong la hae le letona, ho mo hanela.


Ka re: A ba ke ba mo rwese katiba e hlwekileng hloohong. Yaba ba mo rwesa katiba e hlwekileng hloohong, ba mo apesa le diaparo; lengeloi la Jehova le ne le eme moo.


Haele meqhaka, e tla bewa tlung ya Jehova, e tle e be kgopotso ya Heleme, le ya Tobija, le ya Jedaia, le ya Hene mora Sofonia.


Empa re bona Jesu ya neng a beilwe ka sebaka se seng sekae katlasana ho mangeloi, a rwesitswe moqhaka wa kganya le wa hlompho ka baka la lefu leo a le utlwileng, hore, ka mohau wa Modimo, a utlwe lefu ka baka la bohle.


Mahlo a hae e ka kgabo ya mollo, mme hloohong ya hae o rwetse meqhaka e mengata; o na le lebitso le ngodilweng le sa tsejweng ke motho, haese ke yena feela;


Yaba ke a tadima, ka bona pere e tshweu, mme ya e kaletseng a tshwere seqha; a fuwa moqhaka, mme a tloha e le ya hlolang le ya tla hlola.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos