Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 53:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 O medile pela hae jwaloka lehlomela, le jwaloka motso o tswang mobung o omeletseng. O ne a se na sebopeho, leha e le bokgabane; re mo tadimile, mme o ne a se na ponahalo eo re neng re ka kgahliswa ke yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Mohlanka wa Morena o metse pela hae jwaloka lehlomela, jwaloka motso o melang mobung o omeletseng. O na hloka sebopeho kapa bokgabane ba ho re hohela, ha re mo tadima bopeho sa hae se sa re kgahle.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 53:2
22 Referencias Cruzadas  

Empa lekala le tla tswa kutung ya Jese, lehlomela le hlomele metsong ya hae, le behang ditholwana.


Mehleng eo, lehlomela la Jehova le tla hlaha bokgabaneng le kganyeng, tholwana ya lefatshe e be kganya le kgabiso ho Baiseraele ba phonyohileng.


Jwalokaha batho ba bangata ba ne ba makala ha ba mmona, kamoo sefahleho sa hae se neng se senyehile kateng ho fetisa tsa bohle, le tshobotsi ya hae e neng e fifetse ho fetisa ya bara ba batho;


Hobane re tswaletswe ngwana, re neilwe mora; borena bo beilwe lehetleng la hae, mme o tla bitswa Moeletsi ya makatsang, Modimo o matla, Rabosafeleng, Morena wa kgotso;


Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tlang ho hlahisetsa Davida lehlomela le lokileng, e be morena ya renang ka hlalefo, a bee kahlolo le ho loka lefatsheng.


Utlwa he, Joshua, moprista e moholo, wena le banabeno ba dutseng pela hao; ruri banna bao ke dipontsho ho setjhaba, hobane ke ya tlisa mohlanka wa ka, Lehlomela!


mme o re ho yena: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bona, ho tla hlaha monna; lebitso la hae ke Lehlomela; o tla mela bodulong ba hae, a hahe ntlo ya Jehova.


Na eo hase mmetli na? Na hase mora Maria, ngwanabo Jakobo, le Jose, le Juda, le Simone? Bokgaitsedie na ha ba moo ho rona na? Mme ba kgoptjwa ho yena.


A araba, a re ho bona: Efela Elia o tshwanetse ho tla pele, a lokise tsohle; mme ho ngodilwe jwang bakeng sa Mora motho hore e ka kgona a utlwiswe bohloko bo boholo, mme a nyediswe?


a beleha mora wa hae wa letsibolo; a mo phuthela maseleng, mme a mo robatsa sejelong, kahobane ho ne ho se sebaka sa bona tlung ya baeti.


Empa Jesu a re ho yena: Diphokojwe di na le mesima, le dinonyana tsa lehodimo di na le matlo; empa Mora motho ha a na moo a ka samelang hlooho ya hae teng.


Ba boela ba howa bohle, ba re: E seng yena; e mpe e be Barabase. Athe Barabase e ne e le sesenyi.


Mme Jesu a tswela ntle a le jwalo, a rwetse mofapahlooho wa meutlwa, a apere kobo ya purepera. Pilato a re ho bona: Bonang, motho ke enwa.


Hobane se neng se sita molao, ke ho fokodiswa ke nama, Modimo o se entse ha o romile Mora wa wona ka nama e tshwanang le ya baetsadibe, le ka baka la sebe, mme o tswile sebe nameng;


leha e le babusisi, ka ho re, ke ba rongwang ke yena ho kgalemela ba etsang hampe, le ho boka ba etsang hantle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos