Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 53:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke mang ya dumetseng seo re se bolelang, mme letsoho la Jehova le bonahetse ho mang?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ke mang ya dumelang seo re se bolelang? Tsoho la Morena le bonahaditswe ho mang?

Ver Capítulo Copiar




Isaia 53:1
16 Referencias Cruzadas  

Mme kganya ya Jehova e tla bonahala, nama yohle e tla e bona hammoho, hobane molomo wa Jehova o boletse.


Tsoha, tsoha, o iphe matla, wena, letsoho la Jehova; o be jwaloka mehleng ya kgale, mengwaheng ya pele! Na hase wena ya dihileng Rahaba (Egepeta), ya hlabileng drakone na?


Jehova o bonahaditse letsoho la hae le halalelang mahlong a ditjhaba kaofela, mme dipheletso tsohle tsa lefatshe di tla boha poloko ya Modimo wa rona.


O bona hobane ha ho eo e leng motho, o makala hobane ha ho morapelli; ka baka leo, o tshepile letsoho la hae, o itshematlela ka ho loka ha hae.


Jehova o hlapantse ka le letona la hae, ka letsoho la hae le matla, a re: Ha ke sa tla hlola ke neela dira tsa hao koro ya hao hore e be dijo tsa tsona, mme baditjhaba ha ba sa tla hlola ba enwa veine ya hao eo o itshebeleditseng yona.


Nakong eo, Jesu a bua, a re: Ke a o rorisa, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane taba tsena o di patetse ba bohlale le ba masene, mme o di kwaholletse ba banyenyane.


Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone, mora Jona; hobane hase nama le madi a o kwaholletseng hoo, empa e le Ntate ya mahodimong.


A nkela ho yena ba leshome le metso e mmedi, a ba bolella, a re: Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme tsohle tsa Mora motho tse ngodilweng ke baporofeta di tla phethahala.


Empa bohle ba le amohetseng, le ba neile tokelo ya ho ba bana ba Modimo, e leng ba dumelang lebitso la lona;


Eo a tla ho ba paki, hore a pake tsa lesedi, bohle ba tle ba dumele ka yena.


hore ho tle ho etsahale polelo ya moporofeta Esaia, ha a re: Morena, ke mang ya dumetseng seo a se utlwileng ho rona? Mme letsoho la Morena le bonahetse ho mang?


Hobane polelo ya sefapano ke bohlanya ho ba timelang; empa ho rona ba bolokehang, ke matla a Modimo.


Empa ho ba bitsitsweng, leha e le ba Bajuda, leha e le ba Bagerike, Kreste ke matla a Modimo le bohlale ba Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos