Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 53:1 - BIBELE

1 Ke mang ya dumelang seo re se bolelang? Tsoho la Morena le bonahaditswe ho mang?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke mang ya dumetseng seo re se bolelang, mme letsoho la Jehova le bonahetse ho mang?

Ver Capítulo Copiar




Isaia 53:1
16 Referencias Cruzadas  

Tlotla ya Morena e tla bonahatswa, batho bohle ba tla e boha ba le mmoho, hoba Morena o boletse jwalo.”


Morena tsoha! Tsoha o re thusetse ka tsoho la hao le matla! O tsohe jwaloka mehleng ya kgalekgale, o tsohe jwaloka melokong ya boholoholo. Na hase wena ya neng a kgabelake Rahaba? Na hase wena ya neng a kgehlepele kganyapa?


Morena o bontshitse tsoho la hae le halalelang, a le bontsha moo tjhaba tsohle di ntseng di bona, pheletso tsohle tsa lefatshe di tla bona, di bone ho pholosa ha Modimo wa rona.


Morena a bona hore ha ho na motho, a makala ha a bona ho se ya kenang dipakeng; ka matla a hae a hlola dira tsa hae, ho loka ha hae ha mo tshehetsa.


“Morena o hlapantse ka tsoho le letona la hae, a hlapanya ka matla a tsoho la hae, a re: ‘Ruri ha nka ke ka hlola ke fana ka mabele a hao, ke a nea dira tsa hao hore e be dijo tsa tsona; baditjhaba ha ba ka ke ba hlola, ba enwa veine ya hao, veine eo o e sebeleditseng ka thata.


Ka nako eo, Jesu a tswela pele, a re: “Ke a o boka, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba sedi, mme o di senoletse ba jwaloka bana.


Jesu a mo araba, a re: “O lehlohonolo, Simone mora Jona, kahobane hase motho wa nama le madi ya o senoletseng hona, empa ke Ntate ya mahodimong.


Hoba Jesu a nkele ba leshome le metso e mmedi kathoko, a re ho bona: “Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme tsohle tse ngotsweng ke baporofeta ka Mora Motho, di tla phethahala,


Empa bohle ba le amohetseng, e leng ba dumelang ho lona, le ba neile tokelo ya ho fetoha bana ba Modimo,


Monna enwa a tlela ho paka tsa lesedi, e le hore bohle ba dumele ka yena.


e le hore ho phethahale lentswe leo moporofeta Esaya a ileng a le bolela, a re: “Morena, ke mang ya dumelang seo re se bolelang? Tsoho la Morena le bonahaditswe ho mang?”


Ho bua ka sefapano ke bothoto ho ba yang timelong; athe ho rona ba yang pholohong ke matla a Modimo,


Empa ho ba bitsitsweng ke Modimo, e ka ba Bajuda kapa Bagerike, Kreste eo ke matla a Modimo le bohlale ba Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos