Isaia 3:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Tjhadimo ya difahleho tsa bona e a ba tswa, ba tumisitse dibe tsa bona jwaloka Sodoma, ha ba ka ba di pata; ho madimabe meya ya bona, hobane ke bona ba ipatletseng kotsi. BIBELE Fahleho tsa tsona di a di qosa, di ipoletse sebe sa tsona jwaloka Sodoma, le ho se pata di sitwa ho se pata. Di madimabe hakaakang! Koduwa ena di imemetse yona! |
Ka hosasane, e moholo a re ho moenae: Bona, ke letse ke robetse le ntate; a re mo nose veine hape ka bosiu ba kajeno, mme o kene, o robale le yena, mme re tsosetse ntata rona leloko.
empa ha a ka a tadima Kaine leha e le kabelo ya hae. Kaine a halefa haholo, mme sefahleho sa hae sa sosobana.
Ha Jehu a fihla Jisreele, Jesebele a utlwa; yaba o itaka mahlo ka pilo, a ikgabisa hlooho, a nyarela ka sefensetere.
Molotsana, boikgantshong ba hae, o re: A ke ke a botsisisa; ha ho Modimo! Ke yona kgopolo ya hae kaofela ha yona.
Marena a Sodoma, utlwang lentswe la Jehova, le sekehele molao wa Modimo wa rona ditsebe, lona tjhaba sa Gomorra!
Jehova o boletse, a re: Erekaha baradi ba Sione ba ikgantsha, ba tsamaya ka melala e sataletseng, le mahlo a nyemotsang, ba nantsha maoto, ba rwarwaetsa ka mekgabo ya maoto,
Empa ba bolotsana ba jwaloka lewatle le fuduilweng, le sitwang ho kgutsa, leo metsi a lona a ntshang diretse le ditshila.
Hobane ditlolo tsa rona di atile pela hao, dibe tsa rona di a re qosa, etswe re ikutlwa ditlolo tsa rona, mme re tseba dibe tsa rona;
O tla kgalemelwa ke bolotsana ba hao, o otlwe ke kweneho ya hao; o tla tseba, mme o bone hoba ho hloboha Jehova, Modimo wa hao, le ho se mo tshabe ke ntho e mpe, e babang: ho bolela Morena, Jehova wa makgotla.
Kahoo, diphoka di kile tsa nna tsa thibelwa, pula ya hwetla ha e a ka ya eba teng. Empa phatla ya hao ke ya seotswa, ha o tsebe ho ba le dihlong.
Ba tla hlabiswa dihlong, hobane ba ntse ba etsa manyala. Jo! ha ba tsebe ho hlabiswa dihlong, ha ba utlwe bohloko ba dihlong; ka baka leo, ba tla wa le ba wang; mohla ke ba kgalemelang, ba tla dihuwa, ho bolela Jehova.
Ba tla hlabiswa dihlong, hobane ba entse manyala; ba tla nne ba hlabiswe dihlong, ba be le maswabi; ka baka leo, ba tla wa le ba wang, mohla ke ba kgalemelang, ba tla hle ba dihuwe, ho bolela Jehova.
Pelo ya hao e kula hakaakang! ho rialo Morena Jehova, haele mona o entse tseo kaofela, ka mokgwa wa seotswa se hlaha,
Bona, bokgopo ba Sodoma, ngwaneno, ke bona: e ne e le boikgohomoso, le nala, le ho dula ho iketlilwe; ke bona bokgopo ba hae le ba baradi ba hae; hape, o ne a sa tshehetse matsoho a mohlomohi le a mofutsana.
a ba rata haholoholo ka ho ya ka seo mahlo a hae a neng a se bone, a romela manqosa ho bona naheng ya Kalde.
le bakeng sa dinaka tse leshome tse hloohong ya sona, le bakeng sa le leng le hlahileng leo a mang a mararo a wetseng pela lona, e leng lona lenaka le nang le mahlo le molomo o buwang ka boikakaso, le bonahalang ho fetisa a mang.
Boikgohomoso ba Iseraele bo paka sebe sa hae pepeneneng; Iseraele le Efraime ba tla kgoptjwa ke makgopo a bona, ho kgoptjwe le Juda hammoho le bona.
Hobane moputso wa sebe ke lefu; empa neo ya mohau ya Modimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.
Ditopo tsa tsona di tla rapalla lepatlelong la motse o moholo, o bitswang Sotoma le Egepeta ka puo ya moya, e leng moo hape Morena wa tsona a thakgisitsweng teng.
Yaba Samuele o re: Ntlisetseng Agage, morena wa Baamaleke. Agage a tla ho yena a thabile, mme Agage a re: Ruri, ho baba ha lefu ho fetile.