Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 7:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 le bakeng sa dinaka tse leshome tse hloohong ya sona, le bakeng sa le leng le hlahileng leo a mang a mararo a wetseng pela lona, e leng lona lenaka le nang le mahlo le molomo o buwang ka boikakaso, le bonahalang ho fetisa a mang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Ka batla ho tseba le tsa manaka a leshome a hloohong ya sona, le tsa lenakana le ileng la runyola a mang a mararo, le nang le mahlo le molomo o buang ka boikakaso, le neng le feta manaka a mang a habo lona.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 7:20
9 Referencias Cruzadas  

Ke ne ke ntse ke tadimile, mme ka baka la dipolelo tsa boikakaso tse bolelwang ke lenaka, ka bona sebatana se bolawa, mmele wa sona wa fediswa, wa akgelwa mollong, hore o tjheswe.


Yaba ke lakatsa ho tseba nnete bakeng sa sebatana sa bone, se neng se le hosele ho tse ding kaofela, se tshabehang hampe, se nang le meno a tshepe le dinala tsa koporo, se rusollang, se bjabjaretsang, se hatakelang ho siilweng ka maoto a sona,


Ka ba ka tadima kamoo lenaka leo le lwantshang bahalaledi kateng, le kamoo le ba hlolang kateng,


A bua, a re: Sebatana sa bone ke mmuso o mong wa bone, o tlang ho ba teng lefatsheng, o tla ba hosele ho mebuso e meng kaofela, mme o tla rusolla lefatshe kaofela, o le hatakele, o le silakanye.


Kamora moo, ha ke tadima diponong tsa ka tsa bosiu, ka bona sebatana sa bone se tshabehang, se bohale, se fetisang ka matla, se ena le meno a maholo a tshepe, se rusolla, se bjabjaretsa, se hatakela ho siilweng ka maoto a sona; se ne se le hosele ho dibatana tsohle tse se eteletseng pele; se ne se na le manaka a leshome.


Ha ke boha manaka ao, ka bona lenakana le leng le hlaha pakeng tsa a mang, mme manaka a pele a mararo a kgorolwa ke lona; mme bonang, lenakana leo le ne le na le mahlo a kang mahlo a motho, le molomo o buang ka boikakaso.


Mohlolo o mong hape wa hlaha lehodimong, e le wa drakone e kgolo, e kgubedu, e nang le dihlooho tse supileng, le dinaka tse leshome, le meqhaka e supileng dihloohong tsa yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos