Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 7:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ka ba ka tadima kamoo lenaka leo le lwantshang bahalaledi kateng, le kamoo le ba hlolang kateng,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Ka bona lona lenaka leo le lwantsha bahalaledi, le ba hlola.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 7:21
12 Referencias Cruzadas  

Makgotla a tswang ho yena a tla ema, a silafatse sehalalelo se entsweng qhobosheane; a tla fedisa sehlabelo sa kamehla, mme bakeng sa sona ba tla bea manyala a bofediso.


Ka utlwa motho ya apereng lene, ya emeng hodima metsi a noka, ha a emisetsa letsoho le letona le letsoho le letshehadi lehodimong, a hlapanya ka ya phelang ka ho sa feleng, a re: Ho setse nako e le nngwe, le dinako, ho isa mahareng a nako e nngwe; etlare ha qhalanyo ya setjhaba e fela, hoo hohle ho tla etsahala.


le bakeng sa dinaka tse leshome tse hloohong ya sona, le bakeng sa le leng le hlahileng leo a mang a mararo a wetseng pela lona, e leng lona lenaka le nang le mahlo le molomo o buwang ka boikakaso, le bonahalang ho fetisa a mang.


Makgotla a hlolwa ke lona le sehlabelo sa kamehla ka baka la sebe, la lahlela nnete fatshe, la ba la atleha ho tse etswang ke lona.


matla a hae a tla eketseha, empa e ke ke ya eba ka matla ao e leng a hae, mme o tla hlahisa ditshenyo tse makatsang, a atlehe, a etse, a timetse dinatla le setjhaba sa bahalaledi.


Ho le leng la wona, ha mela lenakana, le lelefallang ka nqa borwa, le botjhabela, le naheng e kgahlehang;


Ba tla lwantsha Konyana, empa Konyana e tla ba hlola, kahobane ke Morena wa marena, le Mmusi wa babusi, mme ba nang le yena ke ba bitsitsweng, le bakgethwa, le badumedi.


Mme ka bona mosadi eo a tahilwe ke madi a bahalaledi le ke madi a dipaki tsa Jesu, mme ka makala ka makalo e kgolo, ha ke mmona.


Yaba ke bona sebata, le marena a lefatshe, le makgotla a wona, a phuthehetse ho lwana le ya kaletseng pere le makgotla a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos