o hlahise konyana e nngwe le e nngwe e na le tekanyo ya leshome ya phofo e sefilweng, e dubilweng tekanyong ya bone ya hine ya ole e hlwekileng, le tshelo ya karolo ya bone ya hine ya veine.
Hosea 9:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ba sa tla tshella Jehova veine, mahlabelo a bona ha a sa tla mo kgahla, bohobe ba bona bo tla ba ho bona jwaloka bohobe ba bofifi, bohle ba bo jang ba fetohe ditshila, hobane bohobe ba bona e tla ba ba bona feela, bo ke ke ba kena tlung ya Jehova. BIBELE Ha se ka ke sa etsetsa Morena nyehelo tsa veine, mahlabelo a sona ha a amohelehe ho yena, ho sona a tla ka dijo tsa bofifi, bohle ba di jang ba tla silafala. Dijo tsa bona di tla itjellwa ke bona feela, di ke ke tsa kenngwa ka Tempeleng ya Morena. |
o hlahise konyana e nngwe le e nngwe e na le tekanyo ya leshome ya phofo e sefilweng, e dubilweng tekanyong ya bone ya hine ya ole e hlwekileng, le tshelo ya karolo ya bone ya hine ya veine.
Majwana a melatswana ke kabelo ya hao, ke wona lefa la hao; o a tshela ka ditshelo tsa veine, o a beela dinyehelo. Na nka kgodiswa ke taba tse jwalo na?
Ya hlabang kgomo, ho nna ho jwaloka ya bolayang motho; ya etsang sehlabelo ka nku, o jwaloka ya fenethileng ntja; ya hlahisang setjheso, o jwaloka ya hlahisang madi a kolobe; ya tjhesang dibano, o jwaloka ya bokang medimo ya bohata. Erekaha ba ikgethetse ditsela tsa bona, mme meya ya bona e ithatetse manyala a bona,
Ha ho e mong wa bona ya tla ngwathelwa bohobe dillong ho mo tshedisetsa mofu wa hae, mme ha ba ka ke ba noswa seno sa tshediso ka baka la ntata bona, leha e le mma bona.
Dibano tse tswang Sheba e ka ba eng ho nna, le monko o monate la naha e hole nka le reng? Ditjheso tsa lona ha di nkgahlise, mahlabelo a lona ha a nnatefele.
O fehelwe o ntse o kgutsitse; o se ke wa etsa bofifi ba bafu; o nne o rwale moqhaka, o rwale le dieta tsa hao maotong, o se ke wa kwahela ditedu tsa hao, mme o se ke wa ja bohobe ba bofifi.
Le tla etsa jwalokaha ke entse; le ke ke la kwahela ditedu tsa lona, leha e le ho ja bohobe ba bofifi.
Jwale, Daniele a rera pelong ya hae hore a ke ke a itshilafatsa ka dijo tse hlabosang tsa morena, leha e le ka veine e nowang ke yena, mme a kopa ho hlooho ya matona hore a leswe hore a se ke a itshela ditshila.
Hobane ka matsatsi a mangata, bana ba Iseraele ba tla dula ba se na morena le mahosana, ba se na sehlabelo le setshwantsho, ba se na efoda le terafime.
Ba kgutla, empa e seng ho ya ho Ya hodimo. Ba jwaloka seqha se sa tshepeheng. Marena a bona a tla dihuwa ke lerumo ka baka la boithoriso ba maleme a wona. Ba tla songwa kahoo lefatsheng la Egepeta.
Ba re, ba etsa mahlabelo e be diabo tsa ka; tjhe, ba hlaba ho ja nama feela; Jehova ha a kgahlwe ke bona. Jwale, o tla hopola bokgopo ba bona, a kgalemele dibe tsa bona; bona ba tla kgutlela Egepeta.
Lona baprista, itlameng ka masela a mahwashe, le lle; lona bahlanka ba aletare, le bokolle. Tloong, le robale maseleng a mahwashe, lona bahlanka ba Modimo wa ka, hobane ha ho sa le nyehelo le tshelo tlung ya Modimo wa lona.
Nyehelo le tshelo ha di sa tliswa tlung ya Jehova; baprista, bahlanka ba Jehova, ba swabile.
Ho tseba mang? Ekaba o tla kgutla bohaleng ba hae, a le utlwele bohloko, mme mehlaleng ya hae a siye hlohonolofatso, nyehelo le tshelo tse ka isetswang Jehova, Modimo wa lona.
Hobane moya wa nama o mading. Ke le neile wona aletareng, a tle a etsetse meya ya lona pheko, hobane ke ka baka la moya madi a ka etsang pheko.
Bolella Aarone, o re: Leha e ka ba mang le mang hara ditloholo tsa hao, melokong ya hao, ya nang le sekodi mmeleng, a se ke a atamela ho hlahisa sejo sa Modimo wa hae.
Hara ditloholo tsa Aarone moprista, ha ho ya nang le sekodi mmeleng, ya tlang ho dumellwa ho hlahisetsa Jehova mahlebelo a tjheswang ka mollo; o na le sekodi; a ke ke a atamela ho hlahisa sejo sa Modimo wa hae.
Ba tla halalela ka baka la Modimo wa bona, mme ba ke ke ba tlotlolla lebitso la Modimo wa bona; hobane ke bona ba hlahisang mahlabelo a tjhesetswang Jehova, e leng sejo sa Modimo wa bona; a ba ke ba halalele ke hona.
O tla tadima moprista ka ho re ke motho ya hlalalelang, hobane ke yena ya hlahisang sejo sa Modimo wa hao; ho wena e tla ba motho ya halalelang, hobane le nna ke halalehile, nna Jehova ya le halaletsang.
Leha le itlhahisetsa ditjheso le dinyehelo tsa lona, ha ke di thabele, leha e le mahlabelo a dinonneng tsa lona ha ke a tadime.
Hape, ke ena ya bobedi eo le e etsang: le tlatsa aletare ya Jehova ka meokgo, ka dillo, le ka mefehelo, o bile ha a sa hlokomela sehlabelo sa lona le ho kgahlwa ke se tswang matsohong a lona.
Ya tlang ho ama setopo sa motho ofe le ofe e tla ba ya sa hlwekang ka matsatsi a supileng.
Laela bana ba Iseraele, o re ho bona: Sehlabelo sa ka le sejo sa ditjheso tsa ka tse nang le monko o monate ho nna, le bone hore le ntlhahisetse tsona ka nako ya tsona.
Hodima tafole ya mahobe a pontsha, ba tla ala lesela la purepera; ba tla bea hodima yona mekekana, le dinwelo, le merifi, le dipitsa tsa ditshelo; bohobe bo bewe hodima yona kamehla.
Ke nna bohobe bo phelang, bo theohileng lehodimong; ekare ha motho a eja bohobe bona, o tla phela kamehla; mme bohobe boo ke tla mo nea bona, ke nama ya ka, eo ke tla e nea lefatshe, le tle le phele.
Ha ke a ka ka di ja bofifing ba ka; ha ke a ka ka nka letho ho tsona hore ke etse taba e ditshila, mme ha ke a ka ka di neela mofu. Ke bolokile lentswe la Jehova, Modimo wa ka, ke entse ka tsohle tseo o ntaetseng tsona.