Morena wa Assiria a isa Baiseraele Assiria kgolehong, a ba bea Hala, le Habore, le pela noka ya Gosane, le metseng ya Bamede,
Hosea 8:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Iseraele o a metswa, hara ditjhaba ba jwaloka pitsa e sa ratweng. BIBELE Baiseraele ba kwentswe, ba kwentswe bokwiditane, jwale ba se ba lweba kahara baditjhaba, ba ka ntho e se e se na molemo. |
Morena wa Assiria a isa Baiseraele Assiria kgolehong, a ba bea Hala, le Habore, le pela noka ya Gosane, le metseng ya Bamede,
O tla bolaya Juda jwalokaha ho pshatlwa pitsa ya mmopi e bolawang ka boomo, eo ho seng lengeta le salang, leo motho a ka okgang mollo ifo ka lona, leha e le ho ya kga metsi sedibeng.
Na motho eo, Jekonia, ke lefiso le nyediswang, le pshatlwang na? Kapa a ke mosebetsi o seng o se na thuso na? Ba lahlwa keng yena le lesika la hae, ho ya lahlelwa lefatsheng leo ba sa le tsebeng?
Bokollang, lona badisa, le howe; paqamang moloreng, lona beng ba mohlape, hobane ho se ho fihlile matsatsi a lona a ho bolawa, mme ke ya le qhalanya, le tle le we jwaloka lefiso le theko e thata.
Matlung wohle a Moabe le diterateng tsohle tsa hae ho a bokollwa; hobane ke pshatlile Moabe, jwaloka hoja ke lefiso le se nang theko, ho bolela Jehova.
Iseraele ke nku e lehlahileng, e phallelwang ke ditau; ka la pele morena wa Assiria o kile a mo ja; ka lena la morao, Nebukadresare, morena wa Babilona, o mo robakile masapo.
Nebukadresare, morena wa Babilona, o re jele, o re qetile, o re entse lefiso le feela, o re metsitse jwaloka drakone, o ikgorisitse mpa ka menate ya rona, o re lelekisitse.
Ba o hloileng bohle ba o ahlamisetsa melomo ya bona, ba soma, ba tsikitlanya meno, ba re: Re mo metsitse; ruri, ke lona letsatsi leo re neng re ntse re le lebeletse, re le fumane, re le bone.
Morena o ripitlile meaho kaofela ya Jakobo, a sa qenehele letho; ka bohale bo tukang ba hae a ripitla metse e marako ya moradi wa Juda, a e dihela fatshe, a senya mmuso le marena a wona.
Morena o fetohile ya kang sera, o metsitse Iseraele, a ripitla matlo a hae kaofela a borena, a fedisa metse e marako; o atiseditse moradi wa Juda maswabi le mahlomola.
Bara ba Sione ba bokgabane, ba hlokwang jwaloka kgauta e hlwekileng, ba badilwe jwang jwaloka hoja ke mafiso a letsopa, e leng mosebetsi wa matsoho a mmopi?
Ha ho le jwalo, o porofete, o re: Morena Jehova o re: Erekaha le entswe lefeella, mme la teelwa hare hore le timele, le tle le ruwe ke masala a ditjhaba, mme le fetohe thusolelo ya melomo le ya maleme, le sekgobo ho ditjhaba;
Ke tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, ke le sale morao ka lerumo. Mme naha ya lona e tla fetoha lesupi, metse ya lona e fetohe dithako.
Mme ho ka thweng, ha Modimo, o ratileng ho bonahatsa bohale ba wona, le ho tumisa matla a wona, o iphapantse ka pelo e telele haholo le dipitsa tsa bohale, tse bopetsweng tahleho,
Jehova o tla etsa hore o hlolwe pontsheng ya dira tsa hao; o tla di futuhela ka tsela e le nngwe, mme o tla di balehela ka tsela tse supileng, mme o tla qhalanyetswa mebusong yohle ya lefatshe.
Jehova o tla o qhalanyetsa hara ditjhaba tsohle, ho qala pheletsong e nngwe ya lefatshe, ho isa ho e nngwe; mme teng o tla sebeletsa medimo esele, e sa kang ya tsejwa ke wena le ke bontatao, e leng medimo e entsweng ka mahong le ka majwe.