Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 8:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ba jala moya, mme ba tla kotula sefefo; mabele wona a tla ba siyo. Monoko o ke ke wa bea dijo; leha o ka di bea, di tla metswa ke baditjhaba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 “Ba jetse moya, ba tla kotula sefefo, kaofela mabele a bona a phutsitse, kahoo dijo di ke ke tsa eba teng; leha eba a ne a ka beha haholo, baditjhaba ba ne ba tla a lobela.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 8:7
22 Referencias Cruzadas  

Ka ba ka bona diqwapi tse supileng tse phutsitseng, tse otileng, tse tjheleng ke moya wa botjihabela, di etswa kamora tseo;


Yaba Pule, morena wa Assiria, o futuhela lefatshe la Iseraele; empa Menaheme a nyehella Pule ka talenta tse sekete tsa silefera, hore a mo thuse ho tiisa mmuso letsohong la hae.


Tsiung tsa Peka, morena wa Iseraele, ha tla Tiglathe-Pilesere, morena wa Assiria, a nka Ijone, le Abele-Bethe-Maaka, le Janowa, le Kedeshe, le Hatsore, le Gileade, le Galelea, e leng naha yohle ya Nefthali, a isa batho ba teng Assiria kgolehong.


Hoo ke ho boneng ke hoba ba lemileng bokgopo, ba jetseng bolotsana, bona ba kotula jona;


Ya jalang bokgopo o tla kotula matshwenyeho, mme thupa ya kgalefo ya hae e tla fela.


Hoo le hona ke kotsi e bohloko; kamoo a neng a tlile kateng, o ikela jwalo; mme o ruang ka mokgathala wa hae wa lefeela?


Eitse hobane o e hlome wa e etsetsa motero, mme hosasa wa thuntsha dipalesa; empa kotulo e fetohile kotulo ya maqeba a tebileng le ya masisapelo a tshabehang.


Na le ntshetsa keng seo e seng dijo tjhelete, le ikgathaletsa keng se sa kgoriseng? Mmameleng hle, mme le tla ja se monate, meya ya lona e ithabise ka tse nonneng.


Hobane bonang, Jehova o ya tla ka mollo, makoloi a hae a be jwaloka sefefo, a tukise bohale ba hae, mme ho befa ba kgalemelo ya hae ho fetohe malakabe a mollo.


Ba lemile koro, mme ba kotula meutlwa; ba ikgathaditse, mme ha ba kotule letho. Ebang le dihlong ho kotuleng ha lona, ka baka la kgalefo e tjhesang ya Jehova.


Lefa la rona le ile ho baditjhaba, le matlo a rona ho basele.


Ka baka leo, ke tla mo amoha koro ya ka nakong ya yona, le veine ya ka nakong ya yona, ke mo amohe boya le lene tsa ka tseo a apesang bofeela ba hae ka tsona. Mme jwale, ke tla apola bofeela ba hae ka tsona.


Baditjhaba ba jele matla a hae, empa yena ha a ka a lemoha. O medile moriri o moputswa, empa ha a tsebe.


Efraime o batilwe ke letsatsi; metso ya bona e omile; ha ba sa tla bea ditholwana: leha ba ka tswala, ke tla bolaya bana ba bona ba bohlokwa.


Jehova o pelo e telele, o moholo ka matla, ha a latolele motho molato wa hae. Jehova! ... tsela ya hae e hara sefefo le sekgohola, maru ke lerole la maoto a hae.


le a ja, empa ha le kgore; le a nwa, empa ha le kgolwe; le a apara, empa ha le futhumale; ya sebelletsang moputso, o o sebelletsa ho o kenya mokotleng o masoba.


Le se ke la thetswa, Modimo ha o songwe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.


Ya jallang nama ya hae, o tla kotula nameng ho bola; empa ya jallang Moya, o tla kotula Moyeng bophelo bo sa feleng.


Dijo tsa lefatshe la hao, le tsohle tsa ho sebetsa ha hao, di tla jewa ke setjhaba seo o sa se tsebeng; mme o tla hloriswa, o hatakelwe ka matsatsi wohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos