ba se ke ba etsisa bontata bona, bao e bileng moloko o ikgantshang, o hanyetsang, moloko o sa kang wa tsamaya ka pelo e tiileng, oo moya wa wona o sa kang wa tshepeha ho Modimo.
Hosea 5:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Diketso tsa bona ha di ba dumelle ho kgutlela ho Modimo wa bona, hobane moya wa bofebe o hara bona, mme Jehova ha ba mo tsebe. BIBELE “Diketso tsa bona di a ba thibela, ba sitwa ho kgutla, ho kgutlela ho Modimo wa bona. Moya wa bootswa o se o ba hapile, Morena yena ha ba mo tsotelle. |
ba se ke ba etsisa bontata bona, bao e bileng moloko o ikgantshang, o hanyetsang, moloko o sa kang wa tsamaya ka pelo e tiileng, oo moya wa wona o sa kang wa tshepeha ho Modimo.
Ba tsebang lebitso la hao ba itshepisa ka wena; hobane wena, Jehova, ha o tlohele ba o batlang.
Ke tla ba nea pelo e ntsebang hoba ke Jehova; mme e tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona, hobane ba tla sokolohela ho nna ka pelo yohle.
Komello e metsing a hae, hore a tle a pshe, hobane ke lefatshe la ditshwantsho tse betlilweng, mme ba hlanyetsa medimo ya bona.
Empa ya ithorisang a ke a ithorisetse hona: ha a etsa ka bohlale, a ntseba, hobane ke nna Jehova ke etsang mohau, le kahlolo, le ho loka lefatsheng, hobane ke kgahliswa ke tseo, ho bolela Jehova.
Bohloko ba pelehi bo tla mo hlahela. Eo ke ngwana ya sethoto, hobane ha a itlhahise nakong ya teng, hore a tswalwe.
Utlwang lentswe la Jehova, lona bana ba Iseraele! Hobane Jehova o ya tsekisa baahi ba lefatshe, hobane ha ho nnete le mohau lefatsheng, mme Modimo ha o tsejwe teng.
Setjhaba sa ka se botsa sefate sa sona, mme thupa ya sona e a se eletsa, hobane moya wa bofebe o a ba kgelosa, ba feba ka ho itokolla ho Modimo wa bona.
Ha nka ke ka kgalemela baradi ba lona, kahobane ba iketsa diotswa, le dingwetsi tsa lona, kahobane di a feba, hobane lona le ya ka thoko le diotswa, le etsa mahlabelo le ena le basadi ba bafebi. Setjhaba se se nang kutlwisiso se a timela.
Setjhaba sa ka se fela ke ho hloka tsebo. Wena, kahobane o nyedisitse tsebo, ke tla o nyedisa, o se hlole o eba moprista wa ka; kahobane o lebetse molao wa Modimo wa hao, le nna ke tla lebala bara ba hao.
Efraime o jwaloka leeba le sethoto; ha a na kelello. Ba bitsa Baegepeta, ba romela ho Baassiria.
Athe ha le mo tsebe. Nna, ke a mo tseba; ha nka re, ha ke mo tsebe, nka ba leshano jwaloka lona; empa ke a mo tseba, mme lentswe la hae ke a le boloka.