Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 4:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Setjhaba sa ka se fela ke ho hloka tsebo. Wena, kahobane o nyedisitse tsebo, ke tla o nyedisa, o se hlole o eba moprista wa ka; kahobane o lebetse molao wa Modimo wa hao, le nna ke tla lebala bara ba hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Tjhaba sa ka se timetswa ke ho hloka tsebo. “Kahobane tsebo o se o e lahlile, le nna ke tla o lahla jwalo, o ke ke wa ba moprista wa ka; kaha o lebetse molao wa Modimo wa hao, le nna bana ba hao ke tla ba lebala.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 4:6
54 Referencias Cruzadas  

Ka tshiu tse ngata, Baiseraele ha ba ka ba eba le Modimo wa nnete, leha e le moprista ya rutang, leha e le molao;


empa ha ba sa utlwe, ba tla hlajwa ke lerumo, ba timele ke ho hloka kutlwisiso.


Tjheseho ya ka e ntjele, kahobane dira tsa ka di lebetse mantswe a hao.


RESH. Tadima bomadimabe ba ka, o ntopolle! hobane ha ke lebale molao wa hao.


Meqetjhe ya ba babe e nteetse hare; empa ha ke lebale molao wa hao.


Setjhaba se ikokobetsang o a se pholosa, mme o kokobetsa mahlo a phahameng.


Molomo wa ba lokileng o phedisa ba bangata, athe mawatla a timela ke ho hloka kelello.


Tjheseho e se nang tsebo ha e thuse letho, mme ya potlakisang maoto a hae o a lahleha.


Kgomo e tseba ya e ruileng, esele e tseba lesaka la monga yona: Iseraele yena ha a na tsebo, setjhaba sa ka ha se na temoho.


Hobane o lebetse Modimo wa poloko ya hao, ha o a ka wa hopola lefika la qhobosheane ya hao; ke ka baka leo o neng o lemile dirapa tse kgahlisang, wa di hloma e le tsa merara ya mafatshe a mang.


Makala a teng ha a oma, a tla rojwa, basadi ba tla tla, ba a bese; hobane ke setjhaba se sa hlalefang; ka baka leo, ya se entseng a ke ke a se hauhela, ya se bopileng a ke ke a se rekolohela.


Empa le bona Bajuda ba diadielwa veineng, ba dikadika ke jwala; baprista le baporofeta ba diadielwa jwaleng, ba kgopiswa ke veine, ba diadielwa jwaleng, ba thekesela ha ba bona dipono, ba tetema ha ba ahlola.


Kapa, leha e ka newa ya sa tsebeng ho bala, ha thwe: E bale hle; a ka fetola a re: Ha ke tsebe ho bala.


Haele setjhaba sa ka, se hatakelwa ke bana, basadi ba se busa. A setjhaba sa ka! batsamaisi ba hao ba o kgelosa, ba senya tsela eo o tsamayang ka yona.


Phuthehang, mme le tle; atamelang hammoho kaofela, lona masala a ditjhaba. Ha ba na ditaba batho ba jarang mahong a ditshwantsho tsa bona, ba rapelang modimo o sa tsebeng ho boloka.


Ka baka leo, setjhaba sa ka se se se ya kgolehong se sa lemohe, baholo ba hlomphehang ba sona ba lapa, bongata ba sona bo omella ke lenyora.


Baprista ha ba ka ba re: O kae Jehova? Le ba tshwereng molao ha ba ka ba ntseba; le badisa ba kile ba nkwenehela le baporofeta ba nnile ba porofeta ka Baale, ba tsamaela ba sa thuseng letho.


Ruri setjhaba sa ka ke sethoto, ha se ntsebe; ke bana ba mawatla ba se nang kelello; ba bohlale ho etsa hampe, empa ha ba tsebe ho etsa hantle.


Mamela hle, setjhaba se sethoto, se se nang kelello, se nang le mahlo, empa ha se bone, se nang le ditsebe, empa ha se utlwe.


Ba tla ruta setjhaba sa ka ho kgethahanya se halalelang le se sa halalelang, ba se lemose ho kgetha se sa hlwekang ho se hlwekileng.


Ha ba ntse ba fula, ba ile ba kgora; mme ha ba kgotse, pelo tsa bona tsa ikgohomosa; ba ntebetse ke hona.


Ke tla mo kgalemela ka baka la matsatsi a boBaale ao a ba tjheseditseng dibano ka wona, a bileng a latela dinyatsi tsa hae, a ikgabisitse ka lesale le ka sefaha, athe nna a ntebala, ho bolela Jehova.


Utlwang lentswe la Jehova, lona bana ba Iseraele! Hobane Jehova o ya tsekisa baahi ba lefatshe, hobane ha ho nnete le mohau lefatsheng, mme Modimo ha o tsejwe teng.


Setjhaba sa ka se botsa sefate sa sona, mme thupa ya sona e a se eletsa, hobane moya wa bofebe o a ba kgelosa, ba feba ka ho itokolla ho Modimo wa bona.


Ha nka ke ka kgalemela baradi ba lona, kahobane ba iketsa diotswa, le dingwetsi tsa lona, kahobane di a feba, hobane lona le ya ka thoko le diotswa, le etsa mahlabelo le ena le basadi ba bafebi. Setjhaba se se nang kutlwisiso se a timela.


Diketso tsa bona ha di ba dumelle ho kgutlela ho Modimo wa bona, hobane moya wa bofebe o hara bona, mme Jehova ha ba mo tsebe.


Hobane ke thabela lerato haholo ho sehlabelo, ho tseba Modimo ke ho rata ho fetisa mahlabelo a ditjheso.


Efraime o jwaloka leeba le sethoto; ha a na kelello. Ba bitsa Baegepeta, ba romela ho Baassiria.


Baditjhaba ba jele matla a hae, empa yena ha a ka a lemoha. O medile moriri o moputswa, empa ha a tsebe.


O kenya terompeta molomong wa hao. Sera se fofa jwaloka ntsu, se wela ntlo ya Jehova; kahobane ba tlotse selekane sa ka, ba kwenehetse molao wa ka.


Leha nka mo ngolla molao wa ka hasekete, ba ka mpa ba o tadima jwaloka ntho esele.


Iseraele o lebetse Mmopi wa hae, o hahile matlo a borena; le Juda o atisitse ho haha metse e matla; empa ke tla romela mollo metseng ya bona, o tjhese matlo a bona a borena.


Modimo wa ka o tla ba lahla, hobane ha ba ka ba o utlwa; e tla ba basepedi hara ditjhaba.


Jese a tswala morena Davida.


Ba tloheleng; ke difofu tse tsamaisang difofu; sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng, di tla wela sekoting tse pedi.


Setjhaba sena se ntlhonepha ka molomo feela; empa pelo tsa bona li hole le nna.


Haele bara ba Eli, e ne e le bara ba Beliale; ba ne ba sa re letho ka Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos