Hape, ho buseng ha bona, leha o ne o ntse o ba sitsa ka melemo e mengata, mme o ba neile lefatshe le batsi, le enneng, ha ba ka ba o sebeletsa, mme ha ba ka ba sokoloha diketsong tse mpe tsa bona.
Hosea 13:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ba ntse ba fula, ba ile ba kgora; mme ha ba kgotse, pelo tsa bona tsa ikgohomosa; ba ntebetse ke hona. BIBELE Ka ba fepa, ba eja, ba ba ba kgora; yare ha ba kgotshe ba qala ho ikgohomosa, kahoo yaba ba se ba ntebala. |
Hape, ho buseng ha bona, leha o ne o ntse o ba sitsa ka melemo e mengata, mme o ba neile lefatshe le batsi, le enneng, ha ba ka ba o sebeletsa, mme ha ba ka ba sokoloha diketsong tse mpe tsa bona.
Molotsana, boikgantshong ba hae, o re: A ke ke a botsisisa; ha ho Modimo! Ke yona kgopolo ya hae kaofela ha yona.
esere mohlomong ha ke kgotshe, ka o latola, ka re: Jehova ke mang na? mohlomong ha ke fumanehile, ka utswa, mme ke tlaela ka lebitso la Modimo wa ka.
Hobane o lebetse Modimo wa poloko ya hao, ha o a ka wa hopola lefika la qhobosheane ya hao; ke ka baka leo o neng o lemile dirapa tse kgahlisang, wa di hloma e le tsa merara ya mafatshe a mang.
Nka o tshwarela jwang? Bana ba hao ba ntlhobohile, ba ana ka medimo e leng siyo; ke ba antshitse, empa ba ntse ba feba, ba bokana ka bongata tlung ya seotswa.
Ha ho le jwalo, ho bolela Morena Jehova: Erekaha o ntebetse, mme o ntahletse kamora mokokotlo wa hao, jara, e le wena, molato wa bohlola ba hao le wa bootswa ba hao.
ka boholo ba bohlale ba hao, le ka kgwebo ya hao, o atisitse leruo la hao, mme pelo ya hao e ikgohomositse ka mafumo a hao;
Iseraele ke morara o holang haholo, tholwana tsa wona di o lekane. Ditholwana tsa hae ha di ntse di eketseha, ke moo a ntseng a ketsa ho haha dialetare; kahobane naha ya hae e ntle, o eketsa ho etsa ditshwantsho tse ntle.
Mme o itse: Tjhe, ke ruile, ke ipatletse lefumo; ho tsohle tseo ke di ruileng ho ke ke ha fihlelwa ntho eo ke e ruileng ka bokgopo, eo ho ka thweng, ke molato.
Ke tla mo kgalemela ka baka la matsatsi a boBaale ao a ba tjheseditseng dibano ka wona, a bileng a latela dinyatsi tsa hae, a ikgabisitse ka lesale le ka sefaha, athe nna a ntebala, ho bolela Jehova.
O tla phallela dinyatsi tsa hae, empa a ke ke a di fihlela; o tla di batlisisa, empa a ke ke a di fumana. Ke moo a tla re: Ke tla ya, ke kgutlele ho monna wa ka wa pele, hobane ke ne ke iketla mohlang oo ho fetisa jwale.
Setjhaba sa ka se fela ke ho hloka tsebo. Wena, kahobane o nyedisitse tsebo, ke tla o nyedisa, o se hlole o eba moprista wa ka; kahobane o lebetse molao wa Modimo wa hao, le nna ke tla lebala bara ba hao.
Ha ba ntse ba ngatafala, ke moo ba ntshitelwang ka ho fetisa; kganya ya bona ke tla e fetola dihlong.
Hobane ke jwaloka tau ho Efraime, le jwaloka tawana ho ntlo ya Juda. Nna, nna ka sebele, ke a harola, ke ntoo ikela, ke nkile seo ke se hapileng, mme ha ho ya ka nkamohang sona!
Ha ba howeletse ho nna ka dipelo tsa bona, empa ba bokolla phateng tsa bona, ba bokana hammoho bakeng sa mabele le jwala, mme ba mphuralla.
Iseraele o lebetse Mmopi wa hae, o hahile matlo a borena; le Juda o atisitse ho haha metse e matla; empa ke tla romela mollo metseng ya bona, o tjhese matlo a bona a borena.
Bona ba beile marena, empa e seng ka taelo ya ka, ba beile babusi, athe ha ke tsebe. Ka kgauta ya bona le ka silefera ya bona ba iketseditse ditshwantsho, ba tle ba fediswe.