Molamu wa borena o ke ke wa tloha ho Juda, kapa lere la bolaodi pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le ditjhaba di be di mo utlwe.
Hosea 10:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme jwale, ba tla re: Ha re na morena, hobane ha re a ka ra tshaba Jehova, mme morena a ka re etsetsang? BIBELE Jwale ba tla re: “Rona ha re na kgosi, hobane ha re a ka ra tshaba Morena. Esita leha re ne re ena le kgosi, kgosi eo e ne e tla re thusa ka eng?” |
Molamu wa borena o ke ke wa tloha ho Juda, kapa lere la bolaodi pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le ditjhaba di be di mo utlwe.
Shallume yena, mora Jabeshe, a qala ho busa ka selemo sa mashome a mararo a metso e robileng mono o le mong sa Osiase, morena wa Juda; a busa Samaria ka kgwedi e le nngwe.
e leng bona ba reng: Re tla qhala ka maleme a rona; melomo ke ya rona; ya ka re busang ke mang?
Ba reng: Ha a phakise, a akofise mosebetsi wa hae, re tle re o bone; morero wa Mohalaledi wa Iseraele o atamele, o hlahe, re tle re o leke.
Bethele o tla le hlahisetsa kotsi tseo ka baka la bolotsana ba lona bo fetisisang. Kameso, morena wa Iseraele o tla fediswa ruri.
Efraime a ke ke a kgutlela Egepeta, o tla buswa ke Assiria; hobane ba hanne ho kgutlela ho nna.
O kae morena wa hao? A o pholose metseng yohle ya hao! Le baahlodi ba bao ba kae? Athe ke ka bona bao o itseng: O nnee morena le mahosana!
Hobane ka matsatsi a mangata, bana ba Iseraele ba tla dula ba se na morena le mahosana, ba se na sehlabelo le setshwantsho, ba se na efoda le terafime.
Jwale, ke ka baka lang ha o howa ka mehoo? Na ha ho sa le morena ha hao na? Kapa na moeletsi wa hao o timetse, ha bohloko bo o tshwere jwaloka ba mosadi ya belehang?
Empa ba howa, ba re: Mo tlose, mo tlose, mo thakgise! Pilato a re ho bona: Ke thakgise morena wa lona na? Baprista ba baholo ba araba, ba re: Ha re na morena, haese Sesare.