Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 10:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Pelo tsa bona di mano; jwale, ba tla kgalemelwa. Modimo o tla qhebolla dialetare tsa bona, o fedise ditshwantsho tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Pelo tsa Baiseraele di tletse mano, kahoo ba fumantshwa kotlo ya bona. Modimo o tla heletsa dialetare tsa bona, a dihe difika tsa medingwana bona.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 10:2
24 Referencias Cruzadas  

Elia a atamela pela setjhaba sohle, a re: Le tla tenyetsehela ho le hokae ka nqa tse pedi? Ha Jehova e le Modimo, mo lateleng; ha eba ke Baale, mo lateleng. Empa setjhaba ha se a ka sa mo araba letho.


o se ke wa ba wa kgumamela medimo ya bona, mme o se ke wa e sebeletsa, leha e le ho ya ka diketso tsa yona, o mpe o e fedisetse ruri, mme o robakisise ditshwantsho tsa yona.


E mobe o sebetsa mosebetsi o tla mo thetsa; empa ya jalang ho loka o na le moputso o tiileng.


Ba hlokile tsebo le kelello, hobane ba netilwe mahlo, hore ba se ke ba bona; le dipelo, hore ba se ke ba utlwisisa ka tsona.


O tla robaka ditshwantsho tsa Bethe-Shemeshe tse lefatsheng la Egepeta, le matlo a medimo ya Egepeta a a tjhese ka mollo.


ke tle ke tshware ba ntlo ya Iseraele ka dipelo tsa bona, hobane ba ntahlile bohle ho latela ditshwantsho tsa bona.


Gileade ha a ikentse lefeela, o se a ya fela. Gilgale, ho hlajwa dipoho. Dialetare tsa bona di tla ba jwaloka difika tsa majwe pela moo ho lengwang.


Samaria o tla kgalemelwa, hobane o ikgantshitse ho Modimo wa hae. Ba tla bolawa ke lerumo, masea a bona a pshatlwe, basadi ba bona ba emereng ba petsolwe.


Hobane ka matsatsi a mangata, bana ba Iseraele ba tla dula ba se na morena le mahosana, ba se na sehlabelo le setshwantsho, ba se na efoda le terafime.


Efraime o ikopanya le ditjhaba; Efraime ke senkgwa se sa kang sa fetolwa.


Ke tla senya nqalo tsa lona tse diphahameng; ke tla diha ditshiya tsa lona tsa letsatsi, ke felahanye ditopo tsa lona hodima medimo ya lona ya ditshwantsho, mme moya wa ka o tla be o tenwe ke lona.


Ha e le ditshwantsho tsa hao tse betlilweng le tse tsholotsweng, ke tla di fedisa mahareng a hao, mme ha o sa tla kgumamela mosebetsi wa matsoho a hao.


le ba kgumamang hodima matlo pela lekgotla la lehodimo, le bakgumami ba anang ka Jehova, ba anang le ka morena wa bona;


Ka tsatsi leo, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla tlosa mabitso a ditshwantsho lefatsheng, mme ha di sa tla hlola di hopolwa; le bona baporofeta ke tla ba falatsa lefatsheng, hammoho le moya o ditshila.


Ha ho motho ya ka tsebang ho sebeletsa marena a mabedi: hobane kapa o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ka sitwa ho sebeletsa Modimo le Mamona.


Ha ho mohlanka ya ka sebeletsang marena a mabedi; hobane a ka hloya e mong, a rata e mong; mohlomong a ka kgomarela e mong, a nyedisa e mong. Le ka sitwa ho sebeletsa Modimo le Mamona.


Ke motho ya pelo tse pedi, ya dikadikang metsamaong ya hae yohle.


Banna le basadi ba bafebi, hleka ha le tsebe hoba ho rata lefatshe ke ho lwantsha Modimo na? Efela ya phehellang ho iketsa motswalle wa lefatshe o ipea sera ho Modimo.


Se rateng lefatshe, leha e le tse lefatsheng; ekare ha motho a rata lefatshe, lerato la Ntate ha le yo ho yena.


Ha ba boela ba tsoha e sa le ka meso ka la hosasane, ba bona Dagone a boetse a wetse fatshe ka sefahleho pela areka ya Jehova, hlooho ya Dagone le diatla tse pedi tsa hae di kgaohile, di le pela monyako, ho setse setopo sa hae feela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos