Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 10:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Mme jwale, ba tla re: Ha re na morena, hobane ha re a ka ra tshaba Jehova, mme morena a ka re etsetsang?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Jwale ba tla re: “Rona ha re na kgosi, hobane ha re a ka ra tshaba Morena. Esita leha re ne re ena le kgosi, kgosi eo e ne e tla re thusa ka eng?”

Ver Capítulo Copiar




Hosea 10:3
14 Referencias Cruzadas  

Molamu wa borena o ke ke wa tloha ho Juda, kapa lere la bolaodi pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le ditjhaba di be di mo utlwe.


Shallume yena, mora Jabeshe, a qala ho busa ka selemo sa mashome a mararo a metso e robileng mono o le mong sa Osiase, morena wa Juda; a busa Samaria ka kgwedi e le nngwe.


ho balehela ho Jehova ke molemo o fetisang wa ho itshepela marena.


e leng bona ba reng: Re tla qhala ka maleme a rona; melomo ke ya rona; ya ka re busang ke mang?


Ba reng: Ha a phakise, a akofise mosebetsi wa hae, re tle re o bone; morero wa Mohalaledi wa Iseraele o atamele, o hlahe, re tle re o leke.


Bethele o tla le hlahisetsa kotsi tseo ka baka la bolotsana ba lona bo fetisisang. Kameso, morena wa Iseraele o tla fediswa ruri.


Ho fedile Samaria; morena wa teng o jwaloka lefatsa le yang hodima metsi!


Efraime a ke ke a kgutlela Egepeta, o tla buswa ke Assiria; hobane ba hanne ho kgutlela ho nna.


O kae morena wa hao? A o pholose metseng yohle ya hao! Le baahlodi ba bao ba kae? Athe ke ka bona bao o itseng: O nnee morena le mahosana!


Ke o neile morena bohaleng ba ka, ke tla mo tlosa kgalefong ya ka.


Hobane ka matsatsi a mangata, bana ba Iseraele ba tla dula ba se na morena le mahosana, ba se na sehlabelo le setshwantsho, ba se na efoda le terafime.


Jwale, ke ka baka lang ha o howa ka mehoo? Na ha ho sa le morena ha hao na? Kapa na moeletsi wa hao o timetse, ha bohloko bo o tshwere jwaloka ba mosadi ya belehang?


Empa ba howa, ba re: Mo tlose, mo tlose, mo thakgise! Pilato a re ho bona: Ke thakgise morena wa lona na? Baprista ba baholo ba araba, ba re: Ha re na morena, haese Sesare.


Ha le ka nna la etsa hampe, le tla timela, lona le morena wa lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos