Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 10:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ho fedile Samaria; morena wa teng o jwaloka lefatsa le yang hodima metsi!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Samaria le kgosi ya yona di tla hoholwa, di hoholwe sa mahohodi hodima metsi.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 10:7
9 Referencias Cruzadas  

Kamora tseo, ha bo ho le Nabothe wa Jisreele, ya nang le tshimo ya merara Jisreele, haufi le ntlo ya borena ya Akabe, morena wa Samaria.


Empa lengeloi la Jehova la re ho Elia wa Thishba: Tloha, o ye ho kgahlanyetsa manqosa a morena wa Samaria, o re ho wona: Na ke ho re: ha ho Modimo Iseraeleng, haele moo le ya botsa Baale-Sebube, modimo wa Ekrone na?


Yaba Osea, mora Ela, o fetohela Peka, mora Remalia, a mo hlaba, a mmolaya, mme ya eba yena morena tulong tsa hae, e le ka selemo sa mashome a mabedi sa Jothame, mora Osiase.


Mohlomong, morena wa Assiria a fihlela phetohelo e le teng ho Osea, kamoo a rometseng manqosa kateng ho So, morena wa Egepeta, le kamoo a sa kang a nna a tlisetsa morena wa Assiria lekgetho kateng, jwalokaha a ne a entse ka selemo se seng le se seng. Yaba morena wa Assiria o mo kwalla teronkong, a mo tlama.


Bethele o tla le hlahisetsa kotsi tseo ka baka la bolotsana ba lona bo fetisisang. Kameso, morena wa Iseraele o tla fediswa ruri.


Mme jwale, ba tla re: Ha re na morena, hobane ha re a ka ra tshaba Jehova, mme morena a ka re etsetsang?


Ho fedile le nqalo tse diphahameng tsa Bethe-Avene, tseo e leng sebe sa Iseraele. Meutlwa le dintshwantshwane di ya mela dialetareng tsa tsona. Mme ba tla re ho dithaba: le re kgurumetse! le ho marallana: Re weleng hodimo!


Ke o neile morena bohaleng ba ka, ke tla mo tlosa kgalefong ya ka.


ke maqhubu a hlanyang a lewatle, a akgelang mafilo a ditshila tsa wona mane le mane; ke dinaledi tse kgerang, tse lokiseditsweng botsho ba lefifi la bo sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos