Yaba Modimo o etsa motho ka setshwantsho sa wona: wa mo etsa ka setshwantsho sa Modimo. Wa ba esta e le e motona le e motshehadi.
Genese 5:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Wa bopa e motona le e motshehadi, wa ba hlohonolofatsa, mme wa ba rea lebitso la motho, mohla ba bopjwang. BIBELE a bopa e motona le e motshehadi, a ba hlohonolofatsa, mme a ba bitsa “motho”, mohla a ba hlolang. |
Yaba Modimo o etsa motho ka setshwantsho sa wona: wa mo etsa ka setshwantsho sa Modimo. Wa ba esta e le e motona le e motshehadi.
Modimo wa ba hlohonolofatsa, mme Modimo wa re ho bona: Ngatafalang, le ate, le tlale lefatsheng, le rene hodima lona, mme le buse dihlapi tsa lewatle, le tse rurang tsa mahodimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatsheng.
Adama a re: Jwale enwa ke lesapo la masapo a ka, ke nama ya nama ya ka; o tla bitswa mosadi, hobane o ntshitswe ho monna.
Adama a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo, a tswala mora ka setshwantsho sa hae le ka sebopeho sa hae, a mo rea lebitso la Setha.
Ha ho e mong ya ka etsang jwalo, ha kelello e setse ho yena. Empa keng ha e mong a entse jwalo? O ne a batla ditloholo ho Modimo. Iponeleng hle meyeng ya lona; o se ke wa etsa ka bolotsana ho mosadi wa botjha ba hao.
A ba araba, a re: Na ha le a ka la bala hobane ya ba entseng tshimolohong, o ba entse e le e motona le e motshehadi,
Empa tshimolohong ya hlolo ya dintho tsohle, Modimo o ba entse e le e motona le e motshehadi.
O entse mefuta yohle ya batho ka madi a le mang ho aha sebakeng sa lefatshe lohle; o laetse mehla e laotsweng ke wona, le meedi ya ho aha ha bona;