Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 5:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke ena buka ya leloko la Adama. Ka letsatsi leo Modimo o neng o bope motho ka lona, o mmopile ka setshwantsho sa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ena ke buka ya leloko la Adama. Mohla Modimo a hlolang motho o ile a mo bopa ka setshwano sa Modimo;

Ver Capítulo Copiar




Genese 5:1
15 Referencias Cruzadas  

Ke tsema ditloholo tsa bara ba Nowe: Sema, Kama le Jafeta ba tswala bara kamorao ho morwallo.


Ke tsena ditaba tsa ho hlaha ha mahodimo le ha lefatshe mohla di bopjwang. Mohla Jehova Modimo a etsang lefatshe le mahodimo,


Ditaba tsa Nowe ke tsena: Nowe e ne e le motho ya lokileng, ya kgabane mehleng ya hae; mme Nowe o ne a tsamaya le Modimo.


O mpe o hopole Mmopi wa hao matsatsing a botjha ba hao, ho eso ho tle ditshiu tsa tlokotsi, ho eso ho fihle le dilemo tseo ka tsona o tla re: Ha ke sa kgahliswa ke tsona;


Feela, o tadime sena seo ke se fumaneng: ke hobane Modimo o entse batho ba lokile, empa bona ba batlile mamenemene a mangata.


Buka ya leloko la Jesu Kreste, mora Davida, mora Abrahama.


Haele monna, yena ha a tshwanela ho rwala hloohong, hobane ke setshwantsho le kganya ya Modimo; athe mosadi ke kganya ya monna.


Jwale, rona bohle ba tadimang seiponeng kganya ya Morena, ka mahlo a se nang lesira, re fetohela setshwantshong se le seng le yena ka kganya e isang kganyeng, e leng ka Moya wa Morena.


le ho apara motho e motjha, ya bopilweng ka setshwantsho sa Modimo, ho lokeng le kgalalelong ya nnete.


mme le apare motho e motjha, ya ntjhafallang tsebong ka setshwantsho sa ya mmopileng.


Yena eo e leng lehlasedi la kganya ya wona, le setshwantsho sa boleng ba wona, ya kakatlelang dintho tsohle ka lentswe la matla a hae, eitse hobane a etse hlatsuo ya dibe tsa rona, o ile ho dula ka letsohong le letona la Boholo bo hodimo;


Mme ha esitile bontata rona ka nama ba re laile, mme re ba hlonephile, na haholoholo re ke ke ra utlwa eo e leng Ntata meya, re tle re phele na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos