Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 4:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Setha le yena a tswala mora, a mo rea lebitso la Enose. Ya eba moo ba qalang ho rapela lebitso la Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Seta le yena a ba le mora, mme a mo rea lebitso la Enoshe. Jwale batho ba qala ho rapela Morena.

Ver Capítulo Copiar




Genese 4:26
17 Referencias Cruzadas  

A tloha teng, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele, mme a hloma tente ya hae teng, Bethele a le ka bophirimela, Ai a le ka botjhabela; a hahela Jehova aletare teng, mme a rapela lebitso la Jehova.


Isaaka a haha aletere teng, a rapela lebitso la Jehova; a ba a hloma tente ya hae teng, mme bahlanka ba hae ba tjheka sediba teng.


Le ntoo bitsa lebitso la modimo wa lona, le nna ke bitse lebitso la Jehova, mme modimo o tlang ho araba ka mollo a e be ke wona Modimo! Setjhaba sohle sa re: O boletse hantle.


Ke tla o hlahisetsa sehlabelo sa teboho, ke rapele lebitso la Jehova.


E mong o tla re: Ke wa Jehova. E mong o tla ipitsa ka lebitso la Jakobo, e mong a ingolle Jehova hodima letsoho la hae, a rorise lebitso la Iseraele.


Mamelang taba ena, lona ntlo ya Jakobo, ba ipitsang ka lebitso la Iseraele, bao le tswileng mohloding wa Juda, bao le anang ka lebitso la Jehova, ba rorisang Modimo wa Iseraele, empa e seng ka nnete le ka ho loka.


Re fetohile setjhaba se jwaloka tseo o sa kang wa di busa, tse sa kang tsa bitswa ka lebitso la hao.


Matsatsing ao Juda o tla pholoha, le Jerusalema a ikahele ka boiketlo, mme ke lona lebitso leo ba tla mmitsa ka lona: Jehova, ho loka ha rona.


mme ho tla bolokeha e mong le e mong ya rapelang lebitso la Jehova; hobane thabeng ya Sione le Jerusalema ba phonyohileng ba tla ba teng, jwalokaha Jehova a boletse; mme ho ba phetseng, ba bang ke ba tla bitswa ke Jehova.


Hobane, mohlang oo, ke tla fetola melomo ya ditjhaba, e tle e be e hlwekileng, di tle di bitse kaofela lebitso la Jehova, di mo sebeletse ka pelo e le nngwe.


wa Enose, wa Setha, wa Adama, wa Modimo.


Yare hobane a mo fumane, a mo tlisa Antioke; ba dule teng ba qeta ngwaha ba ntse ba phutheha le kereke; mme ba ruta bongata bo boholo. Ke Antioke barutuwa ba qadileng ho bitswa bakreste.


Mme e mong le e mong ya tla rapela lebitso la Morena o tla bolokeha.


Hobane mang le mang ya rapelang lebitso la Morena, o tla bolokeha.


ke ngolla kereke ya Modimo e Korinthe, e leng ba halaleditsweng ho Jesu Kreste, ba bileditsweng ho halalela, hammoho le bohle ba rapelang nqalong tsohle lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, e leng Morena wa bona le wa rona;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos