Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 4:26 - BIBELE

26 Seta le yena a ba le mora, mme a mo rea lebitso la Enoshe. Jwale batho ba qala ho rapela Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Setha le yena a tswala mora, a mo rea lebitso la Enose. Ya eba moo ba qalang ho rapela lebitso la Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Genese 4:26
17 Referencias Cruzadas  

Jwale a tloha moo, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele. A hloma tente ya hae hona teng, Bethele ya eba ka bophirimela, Ai ya eba ka botjhabela. A hahela Morena aletare hona moo, a rapela Morena.


Yaba o haha aletare moo, mme a rapela Morena, a hloma tente ya hae moo. Hona moo bahlanka ba Isaka ba tjheka sediba.


Jwale le bitse medimo ya lona, le nna ke tla bitsa Morena, mme modimo ya tla arabela ka ho hotetsa mollo e tla ba ke yena Modimo.” Setjhaba sa arabela kaofela, sa re: “O nepile ditaba!”


Ke tla o nyehella ka sehlabelo sa teboho, mme ke rapele lebitso la Morena.


E mong o tla re: ‘Nna ke wa Morena;’ e mong yena a ipitse ka lebitso la Jakobo, wa boraro a ngole, a ngole ka letsoho la hae a re: ‘Nna ke wa Morena!’ ebe o ipitsa ka lebitso la Iseraele.”


“Mamelang sena, lona ba ntlo ya Jakobo, lona ba bitswang ka lebitso la Iseraele, lona ba tswang lelokong la Juda, lona ba ikanang ka lebitso la Morena, lona ba rapelang Modimo wa Iseraele, empa e se ka nnete kapa ka ho loka.


Re tshwana le bao o eso ba buse ho tloha kgale, ba eso ka ba bitswa ka lebitso la hao.


Matsatsing ao setjhaba sa Juda se tla pholoswa, Jerusalema le yona e phele ka kgotso. Lena ke lona lebitso leo Jerusalema e tlang ho bitswa ka lona: Morena ke toka ya rona.


Mang le mang ya tla rapela Morena o tla pholoswa, hobane Thabeng ya Sione, motseng wa Jerusalema, pholoho e tla ba teng, jwalokaha Morena a boletse, bakeng sa masalla ao Morena a a bitsang.


Mohlang oo ke tla fedisa puo tse mpe tsa ditjhaba, bohle ba tle ba ipiletse ho Morena, ba mo sebeletse ba le ntsweleng.


mora wa Enoshe, mora wa Seta, mora wa Adama, mora wa Modimo.


mme hoba a mo fumane, a mo tlisa Antiokia. Ha fela selemo se tletseng ba ntse ba phutheha le kereke, ba ruta letshwelehadi. Ke hona Antiokia moo barutuwa ba qadileng ho bitswa Bakreste teng.


mme mang le mang ya tla rapela Morena o tla pholoswa!’


Mang le mang ya tla rapela Morena, o tla pholoswa.


re dumedisa kereke ya Modimo e Korinthe, e leng batho ba halaleditsweng ho Kreste Jesu, ba bitseditsweng hore e be bahalaledi, mmoho le bohle ba rapelang Morena wa rona Jesu Kreste kae kapa kae, yena eo e leng Morena wa rona le wa bona, re re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos