15 Yaba Jehova Modimo o nka motho, a mmea tshimong ya Edene, ho e lema le ho e lebela.
15 Morena Modimo a nka motho, a mmea serapeng sa Edene hore a se leme, a se hlokomele.
Lebitso la noka ya boraro ke Hiddekele, e mathelang ka nnqa botjhabela ho Assiria. Noka ya bone ke Eufrate.
Jehova Modimo a laela motho, a re: Haele difate tsohle tsa tshimo, o tla di ja;
Modimo wa phetha ka letsatsi la bosupa mosebetsi oo o o entseng; mme ka tsatsi la bosupa wa phomola mosebetsing wohle oo o o entseng.
Jehova Modimo a hloma tshimo Edene ka nnqa botjhabela, mme a bea teng motho eo a mmopileng.
ha eba ke apesitse bokgopo ba ka ka mokgwa wa batho, ka pata melato ya ka fubeng sa ka,
E, o tla ja ditholwana tsa mesebetsi ya matsoho a hao. Menono le lehlohonolo di be ho wena!
Ya neng a utswa, a se ke a hlola a utswa, a mpe a ineele ho sebetsa dintho tse molemo ka matsoho a hae, a tle a tsebe ho nea ya hlokang.