Jakobo a lemoha sefahleho sa Labane, a bona hobane ha se sa le bakeng sa hae jwaloka pele.
Genese 4:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) empa ha a ka a tadima Kaine leha e le kabelo ya hae. Kaine a halefa haholo, mme sefahleho sa hae sa sosobana. BIBELE empa a se ke a kgahlwa ke Kaine le nyehelo ya hae. Kaine a halefa haholo, sefahleho sa hae sa tsunkana. |
Jakobo a lemoha sefahleho sa Labane, a bona hobane ha se sa le bakeng sa hae jwaloka pele.
A re ho bona: Ke bone sefahleho sa ntata lona, hobane ha se sa le jwaloka pele bakeng sa ka, empa Modimo wa ntate o bile le nna.
Eitse ha mong a hae a utlwa polelo tsa mosadi wa hae; tseo a mmolellang tsona ka ho re: Mohlanka wa hao o nkentse ka hore hoitseng, bohale ba hae ba tuka.
Ba lapetseng madi ba hloya motho ya phethehileng; empa ba lokileng ba sireletsa ho phela ha hae.
Ke bone hobane mokgathala wohle le mesebetsi yohle e metle ya batho e ntse e hlahisa mona le mohono. Hoo le hona ke lefeela, ke mosebetsi o nyopileng.
Tjhadimo ya difahleho tsa bona e a ba tswa, ba tumisitse dibe tsa bona jwaloka Sodoma, ha ba ka ba di pata; ho madimabe meya ya bona, hobane ke bona ba ipatletseng kotsi.
Yaba Moshe o hlabeha haholo, a re ho Jehova: O se ke wa amohela nyehelo ya bona. Ha ke eso ho ba ke ba amoha leha e le esele feela, mme ha ke a senyetsa le a mong wa bona.
Kapa ha ho a ntokela ho etsa ka ntho tsa ka kamoo ke ratang kateng, na? Kapa leihlo la hao le mona kahobane ke le molemo na?
Empa Bajuda yare ha ba bona bongata, ba tlala mona, ba hanyetsa ditaba tsa Pauluse, ba nganga, ba nyefola.
Ka tumelo, Abele o hlahisitse pela Modimo sehlabelo se fetisang sa Kaine; mme ka baka la yona o pakilwe hore o lokile, hobane Modimo o pakile dineo tsa hae; mme leha a shwele, le jwale o sa bua ka yona tumelo eo.
Ho madimabe bona, kahobane ba tsamaile ka tsela ya Kaine, mme ba kgelohile ke ho thetswa ke moputso jwaloka Balaame, mme ba timetse ka kganyetso e jwaloka ya Kore.
Jehova a re ho Samuele: O se ke wa tadima tshobotsi ya hae, leha e le bolelele ba seemo sa hae; nna ke mo lahlile; hobane Jehova ha a bone kamoo motho a bonang kateng; hobane motho o tadima tshobotsi, empa Jehova yena o tadima pelo.