Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 11:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ka tumelo, Abele o hlahisitse pela Modimo sehlabelo se fetisang sa Kaine; mme ka baka la yona o pakilwe hore o lokile, hobane Modimo o pakile dineo tsa hae; mme leha a shwele, le jwale o sa bua ka yona tumelo eo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ka tumelo Abele o ile a nyehella Modimo ka sehlabelo se setle ho feta sa Kaine. Ke ka yona a pakilweng hore o lokile, kaha Modimo a ananetse dimpho tsa hae, mme ka yona Abele o ntse a bua, leha a shwele.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Ka tumelo Abele o hlahiseditse Modimo sehlabelo se fetisang sa Kaine, mme ka yona o pakilwe hore o lokile, hobane Modimo o pakile dimpho tsa hae;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Ka tumelo Abele o hlahiseditse Modimo sehlabelo se fetisang sa Kaine, mme ka yona o pakilwe hore o lokile, hobane Modimo o pakile dimpho tsa hae;

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 11:4
21 Referencias Cruzadas  

Jehova a re: O entseng? Lentswe la madi a ngwaneno le howeletsa ho nna le etswa mobung.


Jehova a mo fetola, a re: Mang le mang ya ka bolayang Kaine, ho tla phetetswa ho yena hasupa. Jehova a beela Kaine pontsho ya hore, e mong le e mong ya mo fumanang a se ke a mmolaya.


Adama a boela a tseba mosadi wa hae, mme a tswala mora, a mo rea lebitso la Setha, a re: Ke hoba Modimo o mphile ngwana e mong sebakeng sa Abele ya bolailweng ke Kaine.


Kaine a bua le Abele moenae; mme ha ba le naheng, Kaine a tsohela Abele moenae matla, a mmolaya.


Yaba mollo wa Jehova wa theohela, o nyameletsa sehlabelo, le patsi, le majwe, le lerole, wa monya le metsi a ka moeding.


Ba ka o ruta, ba ka bua le wena, ba ntsha ditaba tse ka dipelong tsa bona:


Sehlabelo sa e mobe ke manyala ho Jehova; empa o kgahlwa ke thapelo ya motho ya lokileng.


Sehlabelo sa ba babe se manyala; haholo hakakang ha ba se hlahisa ka morero o sa lokang!


Ha tswa mollo pontsheng ya Jehova, wa tjhesa setjheso le mafura aletareng; setjhaba kaofela sa ba sa bona, mme batho ba tshela mehoo ya thabo, ba wela fatshe ka difahleho.


madi wohle a lokileng, a tsholletsweng lefatsheng, a tle a bokane ho lona, ho qala ka madi a Abele ya lokileng, ho tlisa mading a Sakaria, mora Barakia, eo le mmolaileng mahareng a tempele le aletare.


ho qala ka madi a Abele, ho qetella ka madi a Sakaria, ya bolailweng mahareng a aletare le tempele. E, ke rialo ho lona, ke re: A tla batlwa ho moloko ona.


Ka molomo ba bolela hore ba tseba Modimo, empa ba o latola ka diketso; ke ba manyala le ba hanang ho utlwa, mme ba sitwa ke ho etsa mosebetsi o motle leha o le mong.


Ka yona baholo ba bone poko e ntle.


Jwale he, le rona ha re teetswe hare ke leru le lekalo la dipaki, a re ke re lahleng hohle ho re imelang, le sebe se tshwasang feela, mme re ke re mathe ka sebete peisong eo re e beetsweng,


ho Jesu, mmuelli wa selekane se setjha, le mading ao re fokilweng ka wona, a bolelang ditaba tse fetisang tsa madi a Abele ka molemo.


Hobane moprista e moholo, leha e le ofe le ofe, ya nkwang hara batho, o ye a beelwe batho dinthong tsa tshebeletso ya Modimo, a tle a hlahise dinyehelo le mahlabelo ka baka la dibe;


Mme ka molao, dintho tse hlatsuwang ka madi e batla e eba tsohle, mme ha madi a sa tsholohe, ha ho teselo ya dibe.


hobane monna eo ya lokileng, moyeng wa hae o lokileng, o ne a ntse a hloreha ka tsatsi le leng le le leng, ha a ne a ahile le bona, ka baka la mesebetsi e mebe ya bona, eo a neng a e bona le eo a neng a e utlwa —


Ho madimabe bona, kahobane ba tsamaile ka tsela ya Kaine, mme ba kgelohile ke ho thetswa ke moputso jwaloka Balaame, mme ba timetse ka kganyetso e jwaloka ya Kore.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos