Yaba Abrahama o wa ka sefahleho, a tsheha, mme a re ka pelong ya hae: Na monna ya dilemo tse lekgolo a ka bona ngwana, le Sara ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong, hleka a ka beleha na?
Genese 21:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale Sara a re: Modimo o mphile ditsheho, mme le bohle, ha ba utlwa, ba tla tsheha le nna. BIBELE Sara a re: “Morena o nketseditse letsheho; e mong le e mong ya utlwang o tla ntsheha.” |
Yaba Abrahama o wa ka sefahleho, a tsheha, mme a re ka pelong ya hae: Na monna ya dilemo tse lekgolo a ka bona ngwana, le Sara ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong, hleka a ka beleha na?
Mosadi ya nyopileng o etsa hore a be le ntlo, o mo nea le bana bao a thabang ka bona. Bokang Jehova!
Yaba molomo wa rona o tshela ditlatse tsa thabo, le leleme la rona dipina tsa nyakallo. Ha nna ha thwe hara ditjhaba: Jehova o ba etseditse ntho tse kgolo.
Hleka mosadi a ka lebala lesea leo a le anyesang na? Na a ka lesa ho hauhela ngwana wa mala a hae na? Empa le hoja a ka mo lebala, nna, nke ke ka ba ka o lebala.
Mme o tla re pelong ya hao: Ke mang ya ntswaletseng bao? Hobane ke ne ke timeletswe ke bana, ke le moopa ya lelekilweng, ya hladilweng; na bao ke ba hodiseditswe ke mang? Bonang! ke ne ke siilwe ke nnotshi; bona ba ne ba le kae?
Thaba, wena nyopa, o sa kang wa tswala; o dumise ditlatsi le dipina tsa thabo, wena o sa kang wa tseba bohloko ba ho beleha, hobane bana ba ya furaletsweng ba bangata ho feta bana ba ya nyetsweng, ho bolela Jehova.
Ho rohakwe motho ya kileng a tsebisa ntate, a re: O tswaletswe ngwana e motona; a ba a mo thabisa haholo.
Ba ahisaneng le yena le bahabo ba utlwa hoba Morena o tumisitse mohau wa hae ka yena, ba thaba le yena.
Ka tumelo, Sara le yena o filwe matla a ho emola peo, a ba a tswala a se a tsofetse, kahobane a ne a dumetse hoba ya mmaletseng ke ya tshepehang.
Anna a re: Monghadi, ka moya wa hao o phelang, monga ka, ke nna mosadi yane, ya na beng a eme hona mona pela hao, a rapela Jehova.