Genese 16:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Sarai a re ho Abrame: Bona hle, Jehova o ntlhokisitse pelehi; ako kene ho lekgabunyane la ka, ekaba ke tla fuwa bana ka yena. Abrame a dumela lentswe la Sarai. BIBELE Sarai a re ho Aborame: “Morena o ntlhokisitse thari; ka baka lena eya, o kene dikobong tsa lekgoba lena la mosadi, mohlomong ke tla ba le bana ka lona.” Aborame a dumela kopo ya Sarai. |
Mme ke tla mo hlohonolofatsa, hape ke tla o fa mora ka yena; mme ke tla mo hlohonolofatsa, e tla ba mma ditjhaba, mme marena a ditjhaba a tla tswa ho yena.
A re: Ke tla kgutlela ho wena kannete, ha selemo se boya, mme bona, Sara, mosadi wa hao, o tla ba le mora. Athe Sara o ne a ntse a mametse monyako wa tente, kamora hae.
Yaba moradi wa hae e moholo o re ho moenae: Ntata rona o tsofetse, mme ha ho monna lefatsheng ya ka tlang ho rona ka mokgwa wa lefatshe lohle.
Hobane Jehova o ne a hlile a nyopisitse dipopelo tsohle tsa ba ntlo ya Abimeleke ka baka la Sara, mohatsa Abrahama.
Isaaka a rapela Jehova bakeng sa Rebeka, mosadi wa hae, hobane e ne e le nyopa; Jehova a utlwa thapelo ya hae, mme Rebeka, mosadi wa hae, a emola.
Adama a re: Mosadi eo o nneileng yena hore a dule le nna, ke yena ya mphileng tsa sefate, ka di ja.
A re ho Adama: Erekaha o utlwile lentswe la mosadi wa hao, mme wa ja sefate seo ke o laetseng sona, ka re: O se ke wa se ja; lefatshe le rohakilwe ke hona ka baka la hao, mme o tla ja tsa lona ka thata, ka matsatsi wohle a ho phela ha hao;
Yaba Ragele o re: Modimo o nkahloletse, o bile o mametse lentswe la ka, o nneile mora. Ka baka leo, a mo rea lebitso la Dane (moahlodi).
Ha monga lona a ne a le neile mosadi, mme mosadi eo e le tswaletse bara le baradi, mosadi le bana bao e tla ba ba monga lona, haele yena monna, o tla tloha a le mong.
Batho bohle ba neng ba le kgotla le baholo, ba re: Re dipaki. Jehova a etse mosadi eo, ya kenang ka tlung ya hao, jwaloka Ragele le jwaloka Lea, e leng bona ba babedi ba hahileng ntlo ya Iseraele; o bonahatse matla a hao Efrata, mme lebitso la hao le tume Bethlehema!