Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 16:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Yaba Sarai, mohatsa Abrame, o nka Agare, Moegepeta, lekgabunyane la hae, ho se ho le dilemo tse leshome Abrame a aheletse lefatsheng la Kanana, mme a mo neela Abrame, monna wa hae, hore e be mosadi wa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Kamora hoba Aborame a phele dilemo tse leshome naheng ya Kanana, Sarai, mohatsa hae, a nka Hagare, lekgoba la hae la mosadi eo e leng Moegepeta, a le nea Aborame ho ba mosadi wa hae.

Ver Capítulo Copiar




Genese 16:3
15 Referencias Cruzadas  

Mohla Agare a tswallang Abrame Ishmaele, dilemo tsa Abrame di ne di le mashome a robileng meno e mmedi a metso e tsheletseng.


Abrame a kena ho Agare, mme a emola; mme eitse ha a bona hoba o emotse, mofumahadi wa hae a nyediseha mahlong a hae.


Yaba Sarai o re ho Abrame: Nyediso ya ka e wela hodimo hao! Ke neetse lekgabunyane la ka sefubeng sa hao, mme ke mona, ha le bona hoba le emotse, nna ke nyediseha mahlong a lona. Jehova a ahlole mahareng a ka le wena!


A aha lefeelleng la Parane, mme mmae a mo nkela mosadi fatsheng la Egepeta.


Empa haele bara ba basadi ba bang, bao Abrahama a neng a na le bona, Abrahama a ba abela dimpho, mme a ba tlosa pela Isaaka, mora hae, a sa ntse a phela, a ba isa ka nqa botjhabela, naheng ya Botjhabela.


Yaba Esau o ya ho Ishmaele, a nka Mahalathe, moradi wa Ishmaele, mora Abrahama, kgaitsedi ya Nebajothe, hore e be mosadi wa hae, kantle ho basadi bao a neng a se a ena le bona.


A mo nea Bilha, lekgabunyane la hae, hore e be mosadi wa hae; mme Jakobo a ya ho yena.


Eitse ha Lea a bona hoba o dutse ho beleha, a nka Silpa, lekgabunyane la hae, a mo nea Jakobo, hore e be mosadi wa hae.


A tsoha bosiung boo, a nka basadi ba hae ba babedi le makgabunyane a hae a mabedi, le bana ba hae ba leshome le motso o mong, a tshela lediboho la Jabboke.


Yare Iseraele ha a sa aheletse naheng eo, Rubene a ya robala le Bilha, serethe sa ntatae; mme Iseraele a utlwa taba eo.


Jwale Davida, hobane a tlohe Hebrone, a eketsa a nka direthe le basadi Jerusalema; Davida a boela a tswallwa bara le baradi.


A nyala basadi ba makgolo a supileng ba mafumahadi, a nka le direthe tse makgolo a mararo; basadi bao ba hae ba kgelosa pelo ya hae.


hobane Agare ke Sinai, thaba ya Arabia — mme o tshwantsha le Jerusalema wa jwale; mme ke ya tlamilweng, le bana ba hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos