Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 16:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Abrame a kena ho Agare, mme a emola; mme eitse ha a bona hoba o emotse, mofumahadi wa hae a nyediseha mahlong a hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Aborame a kena dikobong tsa Hagare, mme Hagare ya eba moimana; jwale a qala ho nyedisa monga hae.

Ver Capítulo Copiar




Genese 16:4
11 Referencias Cruzadas  

Yaba Sarai, mohatsa Abrame, o nka Agare, Moegepeta, lekgabunyane la hae, ho se ho le dilemo tse leshome Abrame a aheletse lefatsheng la Kanana, mme a mo neela Abrame, monna wa hae, hore e be mosadi wa hae.


Yaba Sarai o re ho Abrame: Nyediso ya ka e wela hodimo hao! Ke neetse lekgabunyane la ka sefubeng sa hao, mme ke mona, ha le bona hoba le emotse, nna ke nyediseha mahlong a lona. Jehova a ahlole mahareng a ka le wena!


Yaba moradi wa hae e moholo o re ho moenae: Ntata rona o tsofetse, mme ha ho monna lefatsheng ya ka tlang ho rona ka mokgwa wa lefatshe lohle.


Empa Sara a bona mora wa Agare, Moegepeta, eo Agare a mo tswaletseng Abrahama, a ntse a tsheha.


A mo nea Bilha, lekgabunyane la hae, hore e be mosadi wa hae; mme Jakobo a ya ho yena.


Areka ya Jehova ha e fihla motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, ha a nyarela ka fensetere, a bona morena Davida a tlolaka, a hobela pela Jehova, mme a mo nyedisa ka pelong ya hae.


le mosadi ya lonya, mohla a nyalwang, le lekgabunyane la mosadi le jang lefa la mofumahadi wa lona.


Banabeso, ke tshwantshitse taba tseo ka nna le ka Apolose, ka baka la lona, le tle le ithute ka rona hore le se ke la tlodisa se ngodilweng; hore ho se ke ha eba e mong hara lona ya ikgantshang ho e mong ke ho emela e mong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos