Ditloholo tsa Tera ke tsena: Tera a tswala Abrame, Nakore le Harane; Harane a tswala Lota.
Genese 12:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Abrame o a falla, kamoo Jehova a mmoleletseng kateng; mme Lota a falla le yena. Dilemo tsa Abrame, ha a tloha Kharane, di ne di le mashome a supileng a metso e mehlano. BIBELE Aborame a tsamaya jwalokaha Morena a mmoleletse, mme Lota a ya le yena. Ha Aborame a falla Harane, o ne a ena le dilemo tse mashome a supileng a metso e mehlano. |
Ditloholo tsa Tera ke tsena: Tera a tswala Abrame, Nakore le Harane; Harane a tswala Lota.
Tera a nka mora hae Abrame, le setloholo sa hae Lota, mora Harane, le ngwetsi ya hae Sarai, mohatsa Abrame, mora hae; mme ba tswa Ure wa Kalde ho ya lefatsheng la Kanana. Ba fihla Kharane, ba aha teng.
Mohla Agare a tswallang Abrame Ishmaele, dilemo tsa Abrame di ne di le mashome a robileng meno e mmedi a metso e tsheletseng.
Yaba Sarai, mohatsa Abrame, o nka Agare, Moegepeta, lekgabunyane la hae, ho se ho le dilemo tse leshome Abrame a aheletse lefatsheng la Kanana, mme a mo neela Abrame, monna wa hae, hore e be mosadi wa hae.
Ditshiu tsa bophelo ba Abrahama tseo a phetseng ka tsona, ke tsena: ke dilemo tse lekgolo le mashome a supileng a metso e mehlano.
Yaba o tloha naheng ya Bakalde, mme a ya aha Kgarane. Eitse hobane ntatae a shwe, Modimo wa mo tlosa teng, wa mo tlisa naheng ena le ahileng ho yona jwale.
Ka tumelo, Abrahama, mohla a bitswang, o kile a utlwa, a fallela naheng eo a tlang ho e newa ka mokgwa wa lefa, mme a falla a sa tsebe moo a yang teng.