Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 12:4 - BIBELE

4 Aborame a tsamaya jwalokaha Morena a mmoleletse, mme Lota a ya le yena. Ha Aborame a falla Harane, o ne a ena le dilemo tse mashome a supileng a metso e mehlano.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Yaba Abrame o a falla, kamoo Jehova a mmoleletseng kateng; mme Lota a falla le yena. Dilemo tsa Abrame, ha a tloha Kharane, di ne di le mashome a supileng a metso e mehlano.

Ver Capítulo Copiar




Genese 12:4
10 Referencias Cruzadas  

Lena ke leloko la Tera. Tera o ile a tswala Aborame, le Nakore, le Harane; Harane a tswala Lota.


Yaba Tera o nka mora wa hae Aborame, le Lota, setloholo sa hae, mora wa Harane, le ngwetsi ya hae Sarai, mosadi wa mora hae Aborame; a tloha le bona naheng ya Ure ya Bakalatiya, a fallela naheng ya Kanana. Ha ba fihla Harane, ba aha teng.


Lota, ya neng a tsamaya le Aborame, o ne a ena le mehlape ya dinku le ya dikgomo, le ditente,


Aborame o ne a ena le dilemo tse mashome a robedi a metso e tsheletseng ha Hagare a mo tswalla mora, Ishemaele.


Kamora hoba Aborame a phele dilemo tse leshome naheng ya Kanana, Sarai, mohatsa hae, a nka Hagare, lekgoba la hae la mosadi eo e leng Moegepeta, a le nea Aborame ho ba mosadi wa hae.


Ditshiu tsa bophelo ba Aborahama e bile dilemo tse lekgolo le mashome a supileng a metso e mehlano.


Jakobo a tloha Beeresheba, a leba Harane.


“Jwale a tloha naheng ya Bakalatiya a tla aha Kgarane. Hoba ntatae a shwe, Modimo a mo fallisetsa naheng ena eo le ahileng ho yona kajeno.


Ka tumelo Aborahama o ile a mamela ha Modimo a mmitsa, mme a fallela naheng e tlang ho ba lefa la hae; a tloha a sa tsebe moo a yang teng.


Aborahama o ile a tiisetsa, mme ka hona a fumana seo a se tshepisitsweng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos