Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 12:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Abrame a nka Sarai, mosadi wa hae; le Lota, mora moenae, le leruo lohle la bona leo ba neng ba le ruile, le batho bao ba neng ba ba ruile Kharane, mme ba tloha ho ya lefatsheng la Kanana, ba ba ba fihla lefatsheng la Kanana.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Aborame a nka mosadi wa hae Sarai, le Lota mora wa moenae, le thepa yohle eo ba neng ba e sebeditse, le makgoba, le bohle bao ba bileng le bona ha ba le Harane. Ba tloha, ba leba naheng ya Kanana, mme ba fela ba fihla naheng eo ya Kanana.

Ver Capítulo Copiar




Genese 12:5
13 Referencias Cruzadas  

Moedi wa Bakanana o ne o qala Sidone, ho leba Gerare ho isa Gasa, mme o leba Sodoma, le Gomorra, le Adama, le Tseboime ho fihlela Lesha.


Ditloholo tsa Tera ke tsena: Tera a tswala Abrame, Nakore le Harane; Harane a tswala Lota.


Tera a nka mora hae Abrame, le setloholo sa hae Lota, mora Harane, le ngwetsi ya hae Sarai, mohatsa Abrame, mora hae; mme ba tswa Ure wa Kalde ho ya lefatsheng la Kanana. Ba fihla Kharane, ba aha teng.


Le yena Lota, ya neng a tsamaya le Abrame, o ne a na le manku, le makgomo, le ditente.


Empa naha e ne e sa ba lekane ho dula hammoho, hobane maruo a bona a ne a le maholo, mme ba sitwa ho dula hammoho.


Eitse ha Abrame a utlwa hoba ngwanabo o tshwerwe, a phalla le batho ba hae ba hlakisitseng ba makgolo a mararo a leshome le metso e robileng meno e mmedi, ba tswaletsweng ka tlung ya hae, mme a ba tebela, a ba a fihla Dane.


Morena wa Sodoma a re ho Abrame: Nnee batho, o inkele maruo.


Haele Jakobo a tloha Beerseba, a ya Kharane.


Esau a nka basadi ba hae, le bara ba hae, baradi ba hae, le batho kaofela ba ntlo ya hae, le mehlape ya hae, le dikgomo tsa hae kaofela, le letlotlo la hae lohle leo a le boneng naheng ya Kanana, mme a ya naheng esele, hole le Jakobo, moenae.


Empa ekare ha moprista a itheketse mohlanka ka tjhelete, yena o tla di ja; ho jwalo le bakeng sa ya tswaletsweng tlung ya hae; bona ba tla ja dijo tsa hae.


Yaba o tloha naheng ya Bakalde, mme a ya aha Kgarane. Eitse hobane ntatae a shwe, Modimo wa mo tlosa teng, wa mo tlisa naheng ena le ahileng ho yona jwale.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos