Genese 10:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha tswa fatsheng leo Assure, mme a haha Ninive, le motse wa Rehobothe, le Kala, BIBELE A tloha naheng eo, a ya Asure; a haha Ninife le Rehobote-Ire, le Kalaha, |
Jwale Sankeribe, morena wa Assiria, a tloha, a ikela, a kgutlela hae, a ya dula Ninive.
tsa atamela ho Sorobabele le ho dihlooho tsa matlo a bontata Baiseraele, tsa re: A re keng re hahe le lona, etswe le rona re batla Modimo wa lona jwaloka lona, mme re ntse re o hlabela, haesale mohla Esare-Haddone, morena wa Assiria, a re falaleditseng kwano.
Baassiria le bona ba ikopantse le bona, ba adimile bana ba Lota matsoho a bona. (Sela.)
Karane, le Kanne le Edene, le bahwebi ba Sheba, le Baassiria, le Bakilmade, ba ne ba hweba le wena.
Assiria le yena o teng le setjhaba sohle sa hae; o teetswe hare ke mabitla a bona; ba bolailwe kaofela, bohle ba dihilwe ke lerumo.
Baassiria ba ke ke ba re pholosa; dipere re ke ke ra di palama, mme mosebetsi wa matsoho a rona ha re sa tla o bitsa modimo wa rona, hobane ke ho wena kgutsana e bonang mohau.
Tloha, o ye Ninive, motseng o moholo, o o hlabele mokgosi, etswe bokgopo ba wona bo nyolohetse ho nna.
Ba tla disa lefatshe la Assiria ka lerumo, ba dise le mahareng a dikgoro tsa lefatshe la Nimrode; mme yena o tla re namolela ho Moassiria, mohla a kenang naheng ya rona, mohla a tlolang meedi ya rona.
Ninive, haesale a hlaha, o ne a le jwaloka letsha la metsi a mangata. Jwale, howa balehuwa! Emang, emang! ... empa ha ho ya retelehang!
mme ho tla etsahala hobane bohle ba o bonang ba tla o balehela, mme ho tla thwe: Ninive o sentswe! Ya ka mo lellang ke mang! Nka o batlela batshedisi kae?
Hape, Jehova o tla otlollela letsoho la hae ka nqa leboya, a timeletse Assiria, a fetole Ninive nahathothe le sebataolo se jwaloka lefeella!
Leha ho le jwalo, Mokene o tla lelekwa, mme Moassiria o tla o nkela hole o le moholehuwa.
Dikepe di tla tswa Kittime, di kokobetse Moassiria, di kokobetse le Moheberu; empa hamorao le yena o tla timela.