Ka baka leo, motse oo wa rewa Babele, kahobane ke moo Jehova a ferekantseng teng puo ya lefatshe lohle, le moo Jehova a ba qhalanyeditseng teng lefatsheng lohle.
Hape, mohlang oo, Morena o tla boela a otlolle letsoho la hae hape la bobedi ho lopolla masala a setjhaba sa hae a siilweng naheng ya Assiria, le Egepeta, le Pathrose, le Ethiopia, le Elame, le Shineare, le Hamathe, le dihlekehlekeng tsa lewatle.
Mehleng eo, Merodake-Baladane, mora Baladane, morena wa Babilona, a romela mangolo le dimpho ho Esekiase, hobane a ne a utlwile hore o ne a kile a kula, a ba a fola.
O ke o re botsetse Jehova, hobane Nebukadresare, morena wa Babilona, o a re lwantsha; ekaba Jehova a ka re etsetsa o mong wa mehlolo ya hae, hore eo a tlohe ho rona.
Nyolohela lefatsheng la baikgantshi, o futuhele lona, le baahi ba lona o ba kgalemele. O ba phallele ka lerumo, o ba neele ho fediswa, ho bolela Jehova; o tle o etse kahohle kamoo ke o laetseng kateng.
Morena a neela Jojakime, morena wa Juda, le mesebetsi e meng ya ntlo ya Modimo matsohong a hae; Nebukadnesare a e isa naheng ya Shineare ka tlung ya modimo wa hae, a kenya mesebetsi eo polokelong ya letlotlo la modimo wa hae.
Tshelelang Kalne, le bone; ha le tloha teng, le fetele Hamathe e moholo, le ntoo theohela Gathe wa Bafilesta. Na mebuso eo e metle ho fetisa mebuso ena, kapa a naha ya bona e kgolo ho naha ya lona na,
Meneka, o utlwe bohloko, moradi wa Sione, jwaloka ya belehang; hobane jwale, o se o tla tswa hae, o tla dula naheng, o be o fihle Babilona. Empa teng o tla lokollwa; teng, Jehova o tla o lopolla matsohong a dira tsa hao.
Ba tla disa lefatshe la Assiria ka lerumo, ba dise le mahareng a dikgoro tsa lefatshe la Nimrode; mme yena o tla re namolela ho Moassiria, mohla a kenang naheng ya rona, mohla a tlolang meedi ya rona.